PINA EA 106
A re Beng le Lerato
-
1. Re rapela Molimo hore
Re be le makhabane a hae.
Empa lerato le bohlokoa
Ho feta makhabane ’ohle.
Leha re ka ba le bohlale,
Ha re letho ntle ho lerato.
Re rapella hore re be le
Lerato la ’nete ho bohle.
-
2. A re batleng litsela tsohle
Tsa ho tsoela pele re fana.
Ha re le batho ba lerato,
Re tla tšoarela batho bohle,
Re be re mamelle ntho tsohle
’Me re jare mathata ’ohle.
Re ’ne re hopole kamehla:
Lerato le ke ke la fela.
(Sheba le Joh. 21:17; 1 Bakor. 13:13; Bagal. 6:2.)