Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA EA 108

Molimo oa re Rata

Molimo oa re Rata

(Esaia 55:​1-3)

  1. 1. ’Mopi o lerato.

    Ke Molimo ea re ratang.

    O fane ka mora oa hae

    Ea ileng a shoela bohle.

    Ke kahoo re nang le tšepo

    Ea bophelo bo sa feleng.

    (K’HORASE)

    Helang hle, ba nyoriloeng,

    Tloong metsing a bophelo.

    Noang lona ba nyoretsoeng

    Metsi a bophelo.

  2. 2. ’Mopi o lerato.

    Ke Molimo ea re ratang.

    Ka baka la rato la hae,

    Jesu e s’e le Morena.

    Joale ’Muso oa Jehova

    O s’o qalile ho busa.

    (K’HORASE)

    Helang hle, ba nyoriloeng,

    Tloong metsing a bophelo.

    Noang lona ba nyoretsoeng

    Metsi a bophelo.

  3. 3. ’Mopi o lerato.

    Le rona re be lerato.

    Ha re ntse re thusa batho

    Hore ba tsebe Molimo,

    Ba mamele melao ea hae,

    Re beng sebete kamehla.

    (K’HORASE)

    Helang hle, ba nyoriloeng,

    Tloong metsing a bophelo.

    Noang lona ba nyoretsoeng

    Metsi a bophelo.