Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA EA 113

Re na le Khotso

Re na le Khotso

(Johanne 14:27)

  1. 1. Le rorise Jehova,

    Molimo’a khotso.

    O tla felisa lintoa,

    Ho be le bonngoe.

    Kreste, Moren’a rona

    O tlisa khotso.

    Ha a se a hlotse ntoa,

    Re tla ba khotsong.

  2. 2. Re tlohetse khalefo

    Le tsona likhang

    Kaha re na le khotso,

    Ha re sa loana.

    Haeba re batla khotso,

    Re tšoarelane.

    Re le linku tsa Jesu,

    Re be le khotso.

  3. 3. Kaha re na le khotso,

    Bohle baa bona

    Hore Jehova oa re

    Hlo’nolofatsa.

    Re mamela Jehova,

    Re ba le khotso

    Ho fihlela ’Muso’a hae

    O busa hohle.