Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA EA 119

Re Lokela ho ba le Tumelo

Re Lokela ho ba le Tumelo

(Baheberu 10:38, 39)

  1. 1. Molimo o buile le batho

    Hangata ka baprofeta.

    Kajeno o re: ‘Bohle ba bake.’

    Bofelo bo haufi.

    (K’HORASE)

    A re bontšeng ka liketso

    Hore re na le tumelo.

    Re luleng re na le eona

    ’Me Jehova o tla re pholosa.

  2. 2. Re mamela taelo ea Jesu,

    Re bolella batho bohle

    Litaba tsa ’Muso oa Molimo

    Ka sebete le thabo.

    (K’HORASE)

    A re bontšeng ka liketso

    Hore re na le tumelo.

    Re luleng re na le eona

    ’Me Jehova o tla re pholosa.

  3. 3. Ha re na le tumelo e matla,

    Re ke ke ra tšaba letho.

    Jehova o tla re thusa hore

    Re lule re mamella.

    (K’HORASE)

    A re bontšeng ka liketso

    Hore re na le tumelo.

    Re luleng re na le eona

    ’Me Jehova o tla re pholosa.