PINA EA 12
Jehova ke Molimo e Moholo
-
1. Ntate Jehova, ea Matla ’Ohle,
U lokile kahohle.
Kahoo rea u rorisa.
U na le matla, hape u mosa.
U teng ka ho sa feleng.
-
2. U re utloela bohloko Ntate.
Le hoja re’u siteloa,
U ntse u re tsotella.
Oa re tataisa kamehla eohle.
U lula u re thusa.
-
3. Bahlanka ba hao baa u rorisa,
Bohle ba leng lefatšeng
Le ba leng leholimong.
Kamehla eohle rea u rorisa
Hoba u matla ’ohle.
(Sheba le Deut. 32:4; Liprov. 16:12; Mat. 6:10; Tšen. 4:11.)