Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA EA 120

E-bang Bonolo Joaloka Kreste

E-bang Bonolo Joaloka Kreste

(Matheu 11:28-30)

  1. 1. Jesu ke eena motho e moholo

    Ho feta bohle ba kileng ba phela.

    Empa ha aa ka a ikhohomosa.

    Kamehla o ne a ikokobetsa.

  2. 2. O mema batho bohle ba imetsoeng.

    O re o tla ba jarela mathata.

    Baa khatholoha ha ba sebeletsa

    Jehova pele bophelong ba bona.

  3. 3. Jesu o itse, ‘Re bara ba motho.’

    Re mo mamela ka boikokobetso.

    ’Mopi o rata batho ba bonolo.

    O ba tšepisa phelo bo sa feleng.