PINA EA 134
Bana ke Letlotlo
-
1. Ha batho e ba batsoali
Ba fumana tlotlo la bohlokoa,
Kamehla ba hopole hore
Ba le filoe ke Jehova.
Ke eena ea ba tataisang
Hore ba lule ba mo mamela,
Hoba o fane ka bophelo
’Me ke Molimo ea lerato.
(K’HORASE)
Ke letlotlo le halalelang.
Ke letlotlo la bohlokoa.
Ba thuseng ho tseba Jehova
Hore ba hl’onolofatsoe.
-
2. Taelo tsohle tsa Molimo,
Lulang le li hopola kamehla.
Le li rute bana ba lona.
Le ba filoe, ke letlotlo.
Ba rupeleng ha le le tseleng,
Ha le tsoha le ha le phomotse.
E s’e ka ba ka li hopola
’Me ba lula ba tšepahala.
(K’HORASE)
Ke letlotlo le halalelang.
Ke letlotlo la bohlokoa.
Ba thuseng ho tseba Jehova
Hore ba hl’onolofatsoe.
(Sheba le Deut. 6:6, 7; Baef. 6:4; 1 Tim. 4:16.)