PINA EA 142
Re Lula re E-na le Tšepo e Matla
-
1. Ke khale batho ba ntse ba le lefifing.
Baa hloleha ho rarolla mathata.
Ha ho motho ea ka pholosang e mong
Kaha bohle ba entse sebe.
(K’HORASE)
A re ke re bineng re thabile,
Kaha joale ’Muso o s’o fihlile!
Jesu Kreste o tla re pholosa.
Re lula re na le tšepo e matla.
-
2. “Letsatsi la Molimo le atametse.”
Ke rona ba phatlalatsang taba eo.
Mathata a rona a tla felisoa
’Me ha ba sa tla hlola ba lla.
(K’HORASE)
A re ke re bineng re thabile,
Kaha joale ’Muso o s’o fihlile!
Jesu Kreste o tla re pholosa.
Re lula re na le tšepo e matla.
(Sheba le Pes. 27:14; Moek. 1:14; Joele 2:1; Hab. 1:2, 3; Bar. 8:22.)