Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA EA 148

Jehova ke Mopholosi

Jehova ke Mopholosi

(2 Samuele 22:1-8)

  1. 1. Jehova, u re bontšitse hore u teng.

    Lintho tsohle tse teng

    li entsoe ke uena.

    U tla felisa lira tsohle tsa hao. Ha ho na

    ea tšoanang le uena.

    (K’HORASE)

    Jehova o pholosa batho ba hae

    ’Me re tla bona hore o matla ’ohle.

    Ka sebete le ka tumelo,

    re bolela ka Jehova

    ea re lopollang,

    rea mo boka.

  2. 2. Le nakong eo ke leng makhatheng a lefu,

    Ke kopa u nthuse,

    ‘Ak’u ’matlafatse.

    U be u ntšireletse’ ka lerato

    kamehla. ‘U mpholose, Ntate.’

    (K’HORASE)

    Jehova o pholosa batho ba hae

    ’Me re tla bona hore o matla ’ohle.

    Ka sebete le ka tumelo,

    re bolela ka Jehova

    ea re lopollang,

    rea mo boka.

  3. 3. Ha u bua, ntsoe la hao lea utloahala.

    Lira tsa hao tsona

    Li tla thothomela.

    Bahlanka ba hao bona

    Ba tla thaba

    kamehla

    Hoba oa pholosa.

    (K’HORASE)

    Jehova o pholosa batho ba hae

    ’Me re tla bona hore o matla ’ohle.

    Ka sebete le ka tumelo,

    re bolela ka Jehova

    ea re lopollang,

    rea mo boka.