PINA EA 20
U re File Mora oa Hao
-
1. Jehova Molimo,
Ne re se na tšepo.
Ka lefu la Jesu
Re na le tšepo.
Re tla etsa sohle
Se matleng a rona
Ka ho thusa batho
Ho etsa thato’a hao.
(K’HORASE)
U fane ka Mora
Molemong oa rona.
Kaha u re ratile,
Re tla lula re leboha.
-
2. U mosa, u mohau.
Kahoo rea u rata.
Re ananela
Le botsoalle ba hao.
Empa re leboha
Mpho ea mora oa hao
Ho feta ntho tsohle.
O re shoetse bohle.
(K’HORASE)
U fane ka Mora
Molemong oa rona.
Kaha u re ratile,
Re tla lula re leboha.
(SEPHETHO)
Jehova Molimo, joale rea leboha
Ka ho re fa mora oa hao a le mong, Jesu.
(Sheba le Joh. 3:16; 15:13.)