Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA EA 3

Jehova o re fa Matla le Tšepo

Jehova o re fa Matla le Tšepo

(Liproverbia 14:26)

  1. 1. Jehova Ntate, u re file

    tšepo ea sebele.

    Ke tšepo e re thabisang.

    Re tla’e phatlalatsa.

    Empa rea tšoha ha re bona

    matšoenyeho lefatšeng

    ’Me re ka felloa ke tšepo

    eo re nang le eona.

    (K’HORASE)

    Jehova, u re fa matla le tšepo

    Le tsohle tseo re li hlokang.

    Re lula re u tšepile kamehla

    ha re bolela Ntsoe la hao.

  2. 2. Jehova, re thuse hore re

    se ke ra lebala,

    Esale u re tšelisa

    ha re le mathateng.

    Ha re ka lula re hopola,

    re ka tsoha molota.

    Hape re ka matlafala

    ra ba ra khothala.

    (K’HORASE)

    Jehova, u re fa matla le tšepo

    Le tsohle tseo re li hlokang.

    Re lula re u tšepile kamehla

    ha re bolela Ntsoe la hao.