PINA EA 39
Iketsetse Lebitso le Letle ho Molimo
-
1. Bophelong bohle re mameleng ’Mopi,
Re iketsetse lebitso le letle.
Re ikitlaetse ho etsa ho loka.
Re tla thabisa pelo ea hae.
-
2. Ha ho na thuso ha re iketsetsa
Lebitso fatšeng lena le tl’o fela.
Ke ntho ea lefeela. A re iketsetseng
Setsoalle se sa feleng le Jah.
-
3. Re kopa hore ’Mopi a hopole
Lintho tsohle tse ntle tseo re li entseng.
Re tšepeng Jehova, Re boleleng bohle
Litaba tse ka Lentsoeng la hae.
(Sheba le Gen. 11:4; Liprov. 22:1; Mal. 3:16; Tšen. 20:15.)