Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA EA 4

“Jehova ke Molisa oa ka”

“Jehova ke Molisa oa ka”

(Pesaleme ea 23)

  1. 1. Jehova ke Molis’a ka.

    Ke tla ea moo a nkisang.

    O tseba se ka pelong ea ka

    Le ntho tseo ke li hlokang.

    O nkisa moo ke tla khutsa,

    Moo ke tla khatholoha..

    Ke Molisa oa ka ea lerato,

    Ea nkhathollang kamehla.

    Ke Molis’a ka ea lerato,

    Ea nkhathollang kamehla.

  2. 2. Tsela tsa hao lia khatholla.

    Kaofela li molemo.

    Molemong oa lebitso la hao,

    Nthuse ke se khelohe.

    Lere la hao lea ntataisa.

    Ha ke na tšaba letho

    Ha ke le moriting o lefifi

    Hobane u Motsoalle.

    Ha ke na tšaba letho ho hang

    Hobane u Motsoalle.

  3. 3. Jehova, u Molis’a ka.

    Ke tla ea moo u nkisang.

    Ke uena ea nthobang maikutlo.

    U mpha tseo ke li hlokang.

    Ke’u tšepa ka pelo eohle,

    Hobane u Motsoalle.

    Ke kopa u be le ’na kamehla

    Bophelo bohle ba ka.

    Ke kopa u ’ne u be le ’na

    Bophelo bohle ba ka.

(Sheba le Pes. 28:9; 80:1.)