Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA EA 59

A re Roriseng Jehova

A re Roriseng Jehova

(Pesaleme ea 146:2)

  1. 1. Rorisang Jah.

    Re ’mineleng.

    O re fa bophelo le ntho tsohle.

    Re tumiseng

    Bitso la hae.

    Rorisang matla le rato la hae.

    Re roriseng Jehova Molimo.

  2. 2. Rorisang Jah.

    O molemo.

    O araba thapelo tsa rona.

    O tiisa

    Ba nyahameng

    Ka moea oa hae o halalelang.

    Re roriseng Jehova Molimo.

  3. 3. Rorisang Jah.

    O lokile.

    O tšelisa bohle ba mo tšepang.

    O folisa

    Le lipelo.

    Re lebeletse ’Muso oo oa hae.

    A re mo roriseng re thabile.