Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA EA 66

Phatlalatsang Litaba Tse Molemo

Phatlalatsang Litaba Tse Molemo

(Tšenolo 14:6, 7)

  1. 1. Ke khale taba tsa ’Muso li patiloe.

    Joale taba tsena se li tsebahala.

    Jehova o lerato hape o mohau.

    O bone mahlomola a batho bohle,

    A re Mora oa hae a buse lefatše.

    O tla busa ka nako e loketseng ea Jah.

    O tla tlisa monyaluoa oa Mor’a hae,

    E leng mohlatsoana oa bakhethoa ba hae.

  2. 2. Kaha re se re tseba litaba tsena,

    Joale ke nako ea ho li phatlalatsa.

    Le mangeloi a thabela ho bolela,

    A re thusa ho bolela taba tsena.

    Jehova o re file tlotla e kholo

    Ea ho tsebahatsa lebitso la hae hohle.

    Re motlotlo ka ho ba Lipaki tsa hae

    Tse phatlalatsang litaba tse molemo.