Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA EA 70

Le Batle ba Lipelo li Ntle

Le Batle ba Lipelo li Ntle

(Matheu 10:11-15)

  1. 1. Rutang batho bohle taba tsa ’Muso.

    Kreste o re bontša tsela

    Ea ho fumana ba lipelo li ntle,

    Ba batlang ho tseba Jehova.

    ‘Ba lumeliseng ka tlhompho e kholo

    ’Me le ba lakaletse khotso.

    Ha ba sa mamele ba le leleka,

    Hlohlorang lerole maotong.’

  2. 2. Ba le utloang le eena baa mo utloa.

    Thusang ba le amohelang.

    Ha ba le mamela, Jehova o tla

    Ba fa bophelo bo sa feleng.

    Se tšoenyeheng ka hore na le tla re’ng.

    Ke Jehova ea tla le thusa.

    Ba pelo li ntle ba tla le mamela

    Ha le ba buisa ka mosa.