Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA EA 73

U re fe Sebete

U re fe Sebete

(Liketso 4:​29)

  1. 1. Ha re bolela ka ’Muso,

    Re ntse re u pakela,

    Lira tsa rona li ngata,

    Li leka ho re tšosa.

    Empa ha re li tšabe.

    Re mamela uena, Ntate.

    Kahoo u re fe moea oa hao

    Re kopa u re utloe, Jah.

    (K’HORASE)

    Re fe sebete re pake

    ’Me re se tšabe letho,

    Re be sebete kamehla,

    Fatše lohle le utloe.

    Armagedone e haufi.

    Ha tsatsi leo le s’o fihle,

    Re fe sebete re pake.

    Rea rapela.

  2. 2. Leha re utloa re tšaba,

    Oa tseba re lerole.

    U tšepisa ho re thusa.

    Ke tšepiso ea ’nete.

    U bona lira tsohle

    tsa rona tse re hlorisang.

    U re thuse re tsoele pele

    Re bolela ka sebete.

    (K’HORASE)

    Re fe sebete re pake

    ’Me re se tšabe letho,

    Re be sebete kamehla,

    Fatše lohle le utloe.

    Armagedone e haufi.

    Ha tsatsi leo le s’o fihle,

    Re fe sebete re pake.

    Rea rapela.