Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA EA 76

U Utloa ho le Joang?

U Utloa ho le Joang?

(Baheberu 13:15)

  1. 1. U utloa ho le joang

    Ha u bolella ba bang

    Litaba tse molemo,

    U etsa thato’a Jah?

    Re kholisehile

    Hore o tla re putsa

    Ha re lula re batla

    Batho ba mo ratang.

    (K’HORASE)

    Hoa thabisa, ho monate

    ho bolela re cheseha.

    Re tla rorisa Jehova

    ka matsatsi ’ohle.

  2. 2. U utloa ho le joang

    ha u bua le motho

    Ea amohelang Lentsoe,

    a le pelo e ntle?

    Ba bang ha ba rate

    ’Me ba bang baa khelosoa.

    Empa rona re lula

    re ntse re bolela.

    (K’HORASE)

    Hoa thabisa, ho monate

    ho bolela re cheseha.

    Re tla rorisa Jehova

    ka matsatsi ’ohle.

  3. 3. U utloa ho le joang

    ha u bona Jehova

    a ntse a u tšehetsa

    a bile a’u rata?

    Re ikutloa re le

    motlotlo ho bolela.

    Re ruta ka sebete

    re’i kokobelitse.

    (K’HORASE)

    Hoa thabisa, ho monate

    ho bolela re cheseha.

    Re tla rorisa Jehova

    ka matsatsi ’ohle.