Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA EA 83

“Ka Ntlo le Ntlo”

“Ka Ntlo le Ntlo”

(Liketso 20:20)

  1. 1. Ka ntlo le ntlo, re bolella

    Batho bohle Lentsoe.

    Metseng eohle le malapeng,

    Nku li hlokometsoe.

    Jesu o boletse a re:

    ‘Litaba tsa ’Muso

    Li tla boleloa lichabeng’

    Ke Bakreste bohle.

  2. 2. Ka ntlo le ntlo, re bolela

    Ka ’Muso oa ’Mopi

    Le hore o tla pholosa

    Bohle ba mo hlomphang.

    Empa ba ka mo hlompha joang

    Ha ba sa mo tsebe?

    Re tla ba ruta ka eena,

    Hore ba mo tsebe.

  3. 3. Ka ntlo le ntlo, re bolelleng

    Bohle ka ’Muso’a Jah.

    Ba tla khetha ho mamela,

    Kapa ho se utloe.

    Re tla rorisa Jehova,

    Re ee ka ntlo le ntlo

    ’Me re tla fumana batho

    Ba ratang Jehova.

(Sheba le Lik. 2:21; Bar. 10:14.)