Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA EA 90

Le Khothatsane

Le Khothatsane

(Baheberu 10:24, 25)

  1. 1. A re khothatsaneng kamehla

    Hore re sebeletse Jah,

    Rato la rona le be matla,

    Re tle re fumane khotso.

    Rato la batho ba Molimo

    Le re khothatsa haholo

    ’Me phutheho ke setšabelo

    Sa rona kamehla eohle.

  2. 2. Le mantsoe a Bakreste-’moho

    A re khothatsa haholo

    ’Me metsoalle ena ea rona

    E lula e re tšelisa.

    Re sebetse ’moho kamehla

    Le ba ratang Molimo Jah.

    Re batla ho matlafatsana,

    Re jarelane meroalo.

  3. 3. Re bona ka ho totobetseng

    Tsatsi la Jah le haufi.

    Re be teng libokeng kamehla

    Hore re ’ne re rate Jah.

    Ha re kopane re le bonngoeng

    Re sebeletsa Jehova,

    Re tla khothatsana kamehla,

    Re lule re tšepahala.