PINA EA 93
Re Hlohonolofatse ha re Bokane ’Moho
-
1. Jah re hlohonolofatse
Ha re bokane ’moho.
Rea leboha ka liboka.
U re fe moea oa hao.
-
2. Re thuse hore re hloeke,
Re tsebe Lentsoe la hao.
Re rute hore re pake
’Me re be le lerato.
-
3. Re thuse re be le khotso,
Re thabe, re utloane.
Re batla ho halaletsa
Lebitso la hao, Ntate.
(Sheba le Pes. 22:22; 34:3; Esa. 50:4.)