PINA EA 94
Re Ananela Lentsoe la Molimo
-
1. Jehova Molimo, rea u leboha
Ha u re file Ntsoe la hao Bibele.
Molaetsa oa eona o tsoa
ho uena Ntate.
U re thusa ho utloisisa ’nete.
-
2. Ntsoe la hao le matla, le fihla pelong.
Le re ama kelello le maikutlo.
Litaelo tsohle tsa hao
ke tse phethahetseng.
Likeletso tsa hao lia re tataisa.
-
3. Re thabela Lentsoe la hao, Jehova.
Le re thusa ka mehlala e metle
Ea bahlanka ba hao ba u tšepahaletseng.
Rea u leboha ka Lentsoe la hao Jah.
(Sheba le Pes. 19:9; 119:16, 162; 2 Tim. 3:16; Jak. 5:17; 2 Pet. 1:21.)