Fetela boitsebisong

Ho Boha Mehaho ea Bethele

Re u mema ka mofuthu hore u tl’o boha liofisi tsa lekala la rona tseo ka tloaelo li bitsoang Bethele. Ho tse ling tsa liofisi tsa rona, ho na le lipontšuoa tseo u ka li shebang ho sa hlokahale motho ea u tataisang.

Re se re ka Khona ho Etela Bethele Hape: Linaheng tse ngata ho ile ha lumelloa hore batho ba etele Bethele hape ho tloha ka la 1 June 2023. Haeba u batla ho etela Lekala le itseng, ngolla Lekala leo bakeng sa lintlha tse eketsehileng. Ka kopo u se ke oa etela Bethele haeba u tšoeroe ke COVID-19, sefuba kapa u na le matšoao a sefuba le haeba u sa tsoa kopana le motho ea tšoeroeng ke COVID-19.

Brithani

Watch Tower

The Ridgeway

LONDON

NW7 1RN

ENGLAND

+44 20-8906-2211

Ho bona sebaka

Mantaha ho isa Labohlano

9:45 a.m.; 1:15 p.m.; 3:00 p.m.

Ho nka hora le metsotso e 50 ho boha sebaka

Mesebetsi e etsoang mona

Ofisi ena e hatisa limakasine le libukana tse fetang limilione tse 200 ka selemo ’me e li romela linaheng tse ka holimo ho 100 lefatšeng ka bophara. E boetse e na le sebaka se bontšang lintho tse amanang le histori: “Bibele Brithani.”

Kopitsa bukana ea ho bona sebaka.