Fetela boitsebisong

Ho Boha Mehaho ea Bethele

Re u mema ka mofuthu hore u tl’o boha liofisi tsa lekala la rona tseo ka tloaelo li bitsoang Bethele. Ho tse ling tsa liofisi tsa rona, ho na le lipontšuoa tseo u ka li shebang ho sa hlokahale motho ea u tataisang.

Re se re ka Khona ho Etela Bethele Hape: Linaheng tse ngata ho ile ha lumelloa hore batho ba etele Bethele hape ho tloha ka la 1 June 2023. Haeba u batla ho etela Lekala le itseng, ngolla Lekala leo bakeng sa lintlha tse eketsehileng. Ka kopo u se ke oa etela Bethele haeba u tšoeroe ke COVID-19, sefuba kapa u na le matšoao a sefuba le haeba u sa tsoa kopana le motho ea tšoeroeng ke COVID-19.

Italy

Congregazione Cristiana Dei Testimoni di Geova

Via della Bufalotta 1281

I-00138 ROME RM

ITALY

+39 06-872941

Ho Bona Sebaka

Mantaha ho isa Labohlano

8:00 a.m. ho ea ho 10:30 a.m. le 1:00 p.m. ho ea ho 3:30 p.m.

Ho nka hora ho bona sebaka

Re kopa hore u letse esale pele ha u batla ho bona sebaka

Mesebetsi e Etsoang Mona

Ho hlokomeloa mosebetsi o etsoang ke liphutheho le lihlopha tse fetang 3 000 tse teng Italy le linaheng tse ling. Hape ho fetoleloa lingoliloeng tsa Bibele ka puo ea Setaliana, Puo ea Matsoho ea Setaliana le Seladi (Gardenese).

Daonlouda bukana e bontšang mesebetsi e etsoang.