Fetela boitsebisong

NA E ENTSOE?

Lebese la ’Mè

Lebese la ’Mè

 Buka e ’ngoe ea babelehisi e re: “Lebese la phoofo la bana le ke ke la tšoana le la ’mè hantle.” Ntho e etsang hore lebese la ’mè ebe le loketseng bakeng sa ngoana oa hae, ke hobane ’mele oa hae o fetola lebese ho latela litlhoko tsa lesea.

 Nahana ka sena: Lebese la ’mè le fetoha ho tloha ha a qala ho nyantsa ngoana ho fihlela qetellong. Qalong, lebese le na le liprotheine, livithamine, liminerale le metsi a mangata, ebe hamorao le ba le mafura a mangata e le hore ngoana a ka khora. Lebese la ’mè le fetoha ho latela hore na ngoana o se a le mokae le hore ke nako efe selemong.

 Lebese la ’mè le na le maro a mang a kang melatonin, e bang ngata haholo bosiu le maro a mang a bang teng motšehare. Ho itšetlehile ka hore na ke neng, maro ana a ka etsa hore ngoana a robale kapa a shebe, e leng ntho e thusang hore lesea le be le nako e tsitsetseng ea ho robala le ho tsoha.

 Matsatsi a ’maloa ka mor’a hore ngoana a hlahe, lebese la ’mè le ba lesehla ’me le bitsoa colostrum. Colostrum e sileha habonolo, e na le limatlafatsi tse ngata tse tsoelang lesea molemo le hoja mpa ea lona e le nyane. Colostrum e na le maro a mangata a bohlokoa a thusang lesea hore le se ke la kula. Ho ekelletsa moo, e thusa ho hlephisa lesea ka maleng, e leng ntho e etsang hore tšilo ea lijo ea lesea le sa tsoa hlaha e hloeke.

 Bo-’mè ha baa lokela ho tšoenyeha ka hore lebese le tla fela, le haeba ba e-na le mafahla hobane lebese le ikeketsa ka tlhaho hore le lekane bana.

 U nahana joang? Na lebese la ’mè le nang le bokhoni bo ikhethang le ikentse kapa le bopiloe joalo?