Ke Hobaneng ha Dipaki Tsa Jehova di sa Keteke Dijo Tsa Shwalane Tsa Morena ka Tsela eo Madumedi a Mang a Etsang ka Yona?
Re latela seo Bibele e se rutang mabapi le Dijo Tsa Shwalane Tsa Morena, tseo hape di tsebahalang e le “dijo tsa Morena tsa shwalane,” Dijo Tsa ho Qetela Tsa Shwalane le Sehopotso sa lefu la Jesu. (1 Bakorinthe 11:20; King James Version) Ho na le ditlwaelo le ditumelo tse ngata tse sa thehwang Bibeleng mabapi le ho ikgopotsa lefu la Jesu.
Morero
Morero wa Dijo Tsa Shwalane Tsa Morena ke ho ikgopotsa Jesu, le ho bontsha kananelo hore ebe o ile a re shwela. (Matheu 20:28; 1 Bakorinthe 11:24) Mokete ona ha se wa sakaramente kapa letsatsi la ho bontshwa mohau le tshwarelo ya dibe jwalo ka ha madumedi a mang a bolela. a Bibele e ruta hore re ka tshwarelwa dibe ka ho ba le tumelo ho Jesu feela, eseng ka mekete ya bodumedi.—Baroma 3:25; 1 Johanne 2:1, 2.
O lokela ho ketekwa hakae?
Jesu o ile a laela barutuwa ba hae ho ikgopotsa lefu la hae, empa ha a ka a ba bolella hore na hakae. (Luka 22:19) Batho ba bang ba re le lokela ho ketekwa kgwedi le kgwedi, ba bang ba re beke le beke, ba bang ba re letsatsi le leng le le leng, ba bang ba re ka makgetlo a mmalwa ka letsatsi, kapa hangata ka mokgwa oo motho a batlang. b Le ha ho le jwalo, ho na le dintlha tseo re lokelang ho di tseba ka sena.
Jesu o ile a theha Dijo Tsa Shwalane Tsa Morena ka letsatsi la Paseka ya Bajuda, mme o ile a shwa ha morao letsatsing lona leo. (Matheu 26:1, 2) Ketsahalo ena ha ya etsahala ka tshohanyetso. Mangolo a bapisa sehlabelo sa Jesu le konyana ya Paseka. (1 Bakorinthe 5:7, 8) Paseka e ne e ketekwa hanngwe ka selemo. (Exoda 12:1-6; Levitike 23:5) Bibele e bontsha hore Bakreste ba pele ba ne ba ikgopotsa lefu la Jesu hanngwe ka selemo c mme Dipaki Tsa Jehova di latela sona seo.
Letsatsi le nako
Mokete ona oo Jesu a o thehileng ha o re thuse feela ho hlokomela hore na re lokela ho o keteka hakae, hape o re thusa ho bona letsatsi le nako ya ho tshwara mokete ona. Jesu o ile a theha Dijo Tsa Shwalane Tsa Morena ka mora hore letsatsi le dikele ka la 14 Nisane, 33 C.E., ho latela khalendara ya Bajuda. (Matheu 26:18-20, 26) Re tswela pele ho tshwara Sehopotso ka letsatsi lena selemo le selemo jwalo ka ha Bakreste ba pele ba ne ba etsa. d
Le hoja la 14 Nisane, 33 C.E. e ne e le Labohlano, ho ka etsahala hore letsatsi la Sehopotso le be ka letsatsi le fapaneng selemo le selemo. Re sebedisa mokgwa o neng o sebediswa mehleng ya Jesu ho bona hore na letsatsi la la 14 Nisane le labokae, ho ena le ho sebedisa khalendara ya mehleng ya kajeno ya Bajuda. e
Bohobe le veine
Jesu o ile a theha mokete ona a sebedisa bohobe bo sa lomoswang le veine e kgubedu e neng e setse moketeng wa Paseka. (Matheu 26:26-28) Re latela mohlala wa Jesu ka hore re sebedise bohobe bo sa lomoswang le bo sa tshelwang letho le veine e kgubedu e sa tswakwang ka letho, eseng senomaphodi sa morara, veine e natefisitsweng kapa e tshetsweng dinoko.
Batho ba bang ba sebedisa bohobe bo entsweng ka tomoso, empa hangata ka Bibeleng tomoso e tshwantshetsa sebe kapa ho bola. (Luka 12:1; 1 Bakorinthe 5:6-8; Bagalata 5:7-9) Ke bohobe bo sa lomoswang feela le bo sa tshelwang letho bo ka tshwantshetsang mmele wa Kreste o se nang sebe. (1 Petrose 2:22) Tlwaelo e nngwe e sa dumellaneng le Bibele ke ya ho sebedisa senomaphodi sa morara bakeng sa veine. Dikereke tse ding di etsa sena hobane di le kgahlanong le ho nwa jwala, empa mokgwa ona o kgahlanong le mangolo.—1 Timothea 5:23.
Ditshwantshetso ha se nama le madi a sebele
Bohobe bo sa lomoswang le veine e kgubedu tse sebediswang Sehopotsong, di tshwantshetsa mmele wa Kreste le madi a hae. Ha se hore ka mohlolo di fetoha nama le madi a hae jwalo ka ha batho ba bang ba nahana. Bona hore na Bibele e reng ka sena.
Haeba Jesu o ile a laela barutuwa ba hae hore ba nwe madi a hae, o ne a tla be a re ba tlole molao wa Modimo wa hore ba se ke ba ja madi. (Genese 9:4; Liketso 15:28, 29) Jesu o ne a ke ke a laela batho ba bang hore ba tlole molao wa Modimo ka hore ba je madi.—Johanne 8:28, 29.
Haeba baapostola ba Jesu ba ne ba nwa madi a hae, o ne a ke ke a re madi a hae ‘a tla tshollwa,’ e leng se bontshang hore e ne le hona a tlo nehela sehlabelo sa hae.—Matheu 26:28.
Sehlabelo sa Jesu se nehetswe hanngwe me se ke ke ‘sa phethwa.’ (Baheberu 9:25, 26) Haeba Dijong Tsa Shwalane Tsa Morena bohobe le veine di fetoha nama le madi a Jesu, sena se bolela hore batho ba jang ditshwantshetso ba tla be ba pheta sehlabelo.
Jesu o ile a re: “Le nne le etse sena ho nkgopola,” eseng “ho nketsetsa sehlabelo.”—1 Bakorinthe 11:24.
Batho ba dumelang mohlolo wa hore bohobe le veine di ile tsa fetoha nama le madi a Jesu, ba thehile thuto ena mantsweng a hlahang ditemaneng tse itseng tsa Bibele. Ka mohlala, diphetolelong tse ngata tsa Bibele, Jesu ha a bua ka veine o ile a re: “Ana ke madi a ka.” (Matheu 26:28) Le ha ho jwalo, mantswe a Jesu a ka boela a fetolelwa e le: “Sena se bolela madi a ka,” “Sena se emela madi a ka,” kapa “Sena se tshwantshetsa madi a ka.” f Hangata Jesu ha a ruta o ne a sebedisa dipapiso.—Matheu 13:34, 35.
Ke bomang ba jang ditshwantshetso?
Ha Dipaki Tsa Jehova di tshwere Dijo Tsa Shwalane Tsa Morena, e ba batho ba mmalwa feela ba jang bohobe le veine. Hobaneng?
Madi a Jesu a ile a theha “selekane se setjha” se neng se hlakola selekane seo Jehova Modimo a ileng a se etsa le setjhaba sa Iseraele. (Baheberu 8:10-13) Bao e leng karolo ya selekane se setjha ke bona ba jang ditshwantshetso Sehopotsong. Selekane sena ha se ame Bakreste bohle, empa se ama feela “ba bitsitsweng” ka tsela e kgethehileng ke Modimo. (Baheberu 9:15; Luka 22:20) Bana ke ba tla busa le Kreste lehodimong mme Bibele e re ke ba 144 000 ba tla fumana tokelo ena.—Luka 22:28-30; Tšenolo 5:9, 10; 14:1, 3.
Ntle le “mohlatswana” e leng ba tla busa le Kreste lehodimong, ho na le batho ba bangata bao e leng karolo ya “bongata bo boholo” ba nang le tshepo ya ho phela ka ho sa feleng mona lefatsheng. (Luka 12:32; Tšenolo 7:9, 10) Le hoja bana ba bangata ba nang le tshepo ya ho phela lefatsheng ba sa je ditshwantshetso ka Sehopotso, ba ba teng Sehopotsong e le hore ba bontshe kananelo sehlabelong sa Jesu.—1 Johanne 2:2.
a McClintock and Strong’s Cyclopedia, Volume IX, leqephe la 212, e re: “Lentswe sakaramente ha le yo Testamenteng e Ntjha; le lentswe la Segerike μυστήριον [my·steʹri·on] ha le a sebediswa moo ho buuwang ka kolobetso kapa Dijo Tsa Shwalane Tsa Morena, kapa boemong bofe moo ho buuwang ka Sehopotso.”
b Diphetolelo tse ding tsa Bibele di sebedisa lentswe “ho tswela pele” ha di bua ka Dijo Tsa Shwalane Tsa Morena, mme mantswe ana a nnile a hlaloswa a bontsha hore na Dijo Tsa Shwalane Tsa Morena di lokela ho ketekwa hakae. Le ha ho le jwalo, moelelo o nepahetseng wa lentswe lena ho latela puo eo le neng le ngotswe ka yona qalong ke “neng le neng” kapa “nako le nako.”—1 Bakorinthe 11:25, 26; New International Version; Good News Translation.
c Sheba The New Schaff-Herzog Encyclopedia of Religious Knowledge, Volume IV, leqephe la 43-44, le McClintock and Strong’s Cyclopedia, Volume VIII, leqephe la 836.
d Sheba The New Cambridge History of the Bible, Volume 1, leqephe la 841.
e Khalendara ya Sejuda ya mehleng ya kajeno e bontsha hore na kgwedi ya Nisane e qala neng ba sebedisa bolepi ba dinaledi ba kgwedi e ntjha, empa ho ne ho sa sebediswe mokgwa ona mehleng ya pele. Ho e na le hoo, kgwedi e ne e qala ha kgwedi e tolokile Jerusalema, sena se ne se ka etsahala letsatsi kapa matsatsi ha morao ka mora bolepi ba dinaledi ba kgwedi e ntjha. Phapang ena ke yona e etsang hore Dipaki Tsa Jehova di se ke tsa tshwara Sehopotso di ipapisitse le khalendara ya Sejuda ya Paseka ya mehleng ya kajeno.
f Sheba A New Translation of the Bible, ya James Moffatt; The New Testament—A Translation in the Language of the People, ya Charles B. Williams; le The Original New Testament, ya Hugh J. Schonfield.