Feta

Kerven Kakabayev—o ile a tshwarwa selemo ka lebaka la ho hana ho kenela sesole

28 MARCH 2018
Turkmenistan

Naha ya Turkmenistan e Iphapanyetsa Tokelo ya Batho ya ho Ikgethela

Naha ya Turkmenistan e Iphapanyetsa Tokelo ya Batho ya ho Ikgethela

Ka January 2018, Arslan Begenjov le Kerven Kakabayev ba ile ba kwallwa teronkong selemo ka lebaka la ho hana ho etsa tshebeletso ya sesole. Banna bana ba babedi ke Dipaki Tsa Jehova, tse ileng tsa hana ho kena sesoleng ka lebaka la bodumedi ba tsona. Le hoja ba ne ba ikemeseditse ho etsa mosebetsi wa setjhaba o sa amaneng le sesole, mmuso wa Turkmenistan o ne o ntse o sa tsotelle tokelo ya ho hana ho kenela sesole ka lebaka la bodumedi, ebile o sa fane ka mosebetsi o mong wa setjhaba o sa amaneng le sesole.

Ho Kwallwa Teronkong

Ka la 2 January, ba boholong ba ile ba kwalla morabo rona Begenjov ka nakwana ho fihlela a hlaha ka pela lekgotla. Ka la 17 January, lekgotla le ile la mo fumana a le molato ka lebaka la ho hana ho kenela sesole, yaba o kwalla selemo teronkong. Morabo rona Begenjov o ile a etsa boipiletso ka ha taba ya hae e ne e sa sebetswa ka toka.

Morabo rona Kakabayev le yena o ile a ahlolwa ka ho hloka toka mme ka la 29 January o ile a kwallwa teronkong selemo. Ha a ntse a matha kgotla, lekgotla le ne le sa batle ha a bua ka qeto e entsweng ke Komiti ya Ditokelo Tsa Botho ya Matjhaba a Kopaneng e neng e tshehetsa taba ya hae. Ka maswabi, ho ka etsahala hore lekgotla le ke ke la hlola le mamela kopo ya morabo rona Kakabayev. Ba boholong teronkong ba ile ba hana ka ditokomane tsa hae tsa ho etsa kopo tseo babuelli ba hae ba neng ba mo etseditse tsona. Ka lebaka leo, ha a ka ka kgona ho di saena jwalo ka ha a ne a tlameha ho di saena pele ho matsatsi a leshome ho ya ka molao.

E se e le lekgetlo la bobedi Morabo rona Kakabayev a tshwarwa ka lebaka la ho hana ho kenela sesole. Ka December 2014, o ile a fumana kotlo ya hore a patale 20 phesente ya mokgolo wa hae ho mmuso, mme kotlo eo e ne e le ya dilemo tse pedi.

“Turkmenistan e Ntse e Tswela Pele ho Hloleha ho Hlompa Ditokelo Tsa Batho Tsa ho Hana ho Kenela Sesole”

Mmuso wa Turkmenistan o re o hlompha tokoloho ya motheo ya baahi ba ona. Empa, o ntse o hana ho hlompha tokelo ya batho ya ho hana ho kena sesoleng ho sa tsotellehe hore kgale e kopuwa ho mamela melao ya matjhaba.

Ka 2015 le ka 2016, Komiti ya Ditokelo Tsa Botho ya Matjhaba a Kopaneng e ile ya fana ka diqeto tse kgahlanong le Turkmenistan ditletlebong tse leshome tsa Dipaki tse neng di hana ho kenela sesole. Diqetong tsena, Komiti e ile ya kgalemela Turkmenistan ka ho ahlola le ho kwalla Dipaki ka lebaka la ho hana ho kenela sesole. Ka April 2017, Komiti e ile ya boela ya bontsha hore e tshwenyehile ka hore Turkmenistan “e ntse e tswela pele ho hana ho hlompha ditokelo tsa batho tsa ho hana ho kenela sesole le hore e ntse e tswela pele e ahlola le ho tshwara Dipaki Tsa Jehova tse hanang ho ya sesoleng.” E ile ya kopa Turkmenistan hore e fane ka mosebetsi wa setjhaba o sa amaneng le sesole, e tlohele ho tshwara Dipaki tse hanang ho kenela sesole le hore e lokolle ba seng ba tshwerwe.

Dilemong tse mmalwa tse fetileng, mmuso o ile wa etsa diphetoho tse mmalwa tseleng eo o neng o tshwara batho ka yona ha ba ne ba hana ho kenela sesole hobane letswalo la bona le sa ba dumelle. Ho tloha ka December 2014, ho e na le hore Dipaki di tshwarwe, mmuso o ne o hula 20 phesente ya mokgolo wa tsona nako e ka etsang selemo ho isa ho tse pedi (jwalo ka ha o ile wa etsa ho morabo rona Kakabaye ka 2014) kapa ka nako tse ding o di fe kotlo e itseng. * Ka February 2015, e ile ya lokolla Dipaki tsa ho qetela tse neng di hana ho kenela sesole ka lebaka la bodumedi. Ka maswabi, nyeweng e sa tswa feta ya morabo rona Begenjov le morabo rona Kakabayev, mmuso wa Turkmenistan o ile wa ba fa kotlo e boima ho e na le ho hlompha tokelo ya bona ya ho hana ho kenela sesole.

Palo ya Dipaki Tse Ntseng di Kwallwa e Ntse e Eketseha

Ba boholong ba ntse ba tshwere morabo rona Bahram Hemdemov ka lebaka la bodumedi ba hae ho phaella le ba sa tswa tshwarwa e leng morabo rona Begenjov le morabo rona Kakabayev. Jwalo ka e mong wa Dipaki Tsa Jehova, morabo rona Bahram Hemdemov o ile a tshwarelwa ho tshwara diboka ha hae Turkmenabad. Le hoja Mopresidente wa Turkmenistan a ile a fana ka tokollo dilemong tse pedi tse fetileng, ntate enwa ya nang le bana ba bane haesale a dula teronkong ho tloha ka 2015. Mmuso o ile wa lokolla batshwaruwa ba dikete empa o ntse o hana ho mamela kopo ya morabo rona Hemdemov.

Dipaki Tsa Jehova di labalabela ho bona ha barababo rona ba lokollwa Turkmenistan. Di tshepa hore haufinyane Turkmenistan e tla hlompha ditokelo tsa bodumedi le tsa ho ikgethela le ho lokisa ho hloka toka ho teng.

^ par. 10 Ho e na le hore motho a tshwarwe, o fuwa kotlo e itseng.