Feta

20 JANUARY 2021
ANGOLA

Phetolelo ya Lefatshe le Letjha e Lokollwa ka Seumbundu

Phetolelo ya Lefatshe le Letjha e Lokollwa ka Seumbundu

Ka la 16 January, 2021, kgatiso ya elektronike ya Phetolelo ya Lefatshe le Letjha ya Mangolo a Halalelang e ile ya lokolla ka puo ya Seumbundu. Lenaneo le ile la rekotwa esale pele yaba diphutheho tsohle tsa puo ya Seumbundu naheng ya Angola di a le shebella. Morabo rona Genésio Verdiano, eo e leng setho sa Komiti ya Lekala ya Angola, o ile a lokolla Bibele eo.

Seumbundu ke puo e buuwang ke batho ba bangata Angola, mme ho hakanngwa hore e buuwa ke batho ba dimilione tse supileng. Ho na le bahweletsi ba fetang 6,500 ba buang Seumbundu.

Dihlopha tse pedi tsa bafetoledi ba tsheletseng di nkile dilemo tse hlano di sebetsana le phetolelo ena. E mong wa bafetoledi bana o itse: “Phetolelo ena e ntjha e tla etsa hore diketsahalo tse boletsweng ka Mangolong di hlake, hobane ho bonolo ho e utlwisisa. Hape e tla etsa hore ho be bonolo ho ruta batho Lentswe la Modimo tshimong.”

Morabo rona e mong wa Komiti ya Lekala o itse: “Rea tseba hore ha batho ba bala Bibele ka dipuo tsa habo bona, ba utlwisisa nnete ka ho hlakileng. Re lebeletse ka tjantjello ho bona kamoo Jehova a tla sebedisa Lentswe la hae le ngotsweng ka Seumbundu hore a fumane batho ba eketsehileng.”​—2 Bathesalonika 3:1.