Feta

6 MARCH 2018
DITABA TSA LEFATSHE KA BOPHARA

Dipaki Tsa Jehova di Tswile Letsholo la Selemo le Selemo ho Memela Batho Moketeng wa ho Ikgopotsa Lefu la Kreste

Dipaki Tsa Jehova di Tswile Letsholo la Selemo le Selemo ho Memela Batho Moketeng wa ho Ikgopotsa Lefu la Kreste

Ka di 3 tsa March 2018, Dipaki Tsa Jehova di ile tsa qala letsholo la ho tsamaisa memo ya Dijo Tsa Shwalane Tsa Morena, tse boetseng di tsejwang e le Sehopotso sa Lefu la Kreste. Dipaki tse dinaheng tse 240 di tla bokana bakeng sa ketsahalo ena ya bohlokwa ka ho fetisisa ka la 31 March. Dimemo di boetse di memela bohle ho tla mamela puo ya Bibele e nang le sehlooho se reng “Ha e le hantle Jesu Kreste ke Mang?” e tla ba ka di 19 tsa March.

David A. Semonian, e leng mmuelli wa Dipaki Tsa Jehova o re: “Ka 2017, ho batho ba fetang 20 milione ba ileng ba ba teng Sehopotsong, ba ka bang 12 milione e ne e se Dipaki Tsa Jehova. Ka hona, Sehopotso ke ketsahalo ya bohlokwahadi selemo le selemo, eseng feela ho Dipaki Tsa Jehova empa le ho batho ka kakaretso. Sepheo sa rona ke hore batho bohle ba ka fumana memo mme ba tla ketsahalong ena ya bohlokwa dibakeng tseo ba leng haufi le tsona.”

Media Contact:

International: David A. Semonian, Office of Public Information, +1-845-524-3000