Feta

4 FEBRUARY, 2020
RUSSIA

Lekgotla la Russia le Ahlotse Morabo Rona Kim le Polevodov

Lekgotla la Russia le Ahlotse Morabo Rona Kim le Polevodov

Ka la 4 February 2020, lekgotla la Zheleznodorozhniy le Toropong ya Khabarovsk le ile la ahlolela Morabo Rona Stanislav Kim le Nikolay Polevodov ho kwalla teronkong dilemo tse pedi. Le hoja ba sa tlo kwallwe teronkong, ba tla dula ba behilwe leihlo ke ba molao dilemo tse pedi ba ntse ba le hae. Ba ikemiseditse ho ipiletsa kgahlanong le qoso ena. Ho boetse ho na le nyewe e nngwe hape eo bara bana babo rona ba ntseng ba e tsamaya Lekgotleng la Industrial District, le hona toropong ya Khabarovsk. Ha ba tsebe hore na ba tlo ahlolwa neng nyeweng ena.