Feta

19 JANUARY, 2021
RUSSIA

Lekgotla la Russia le Qhelela ka Thoko Boipiletso ba Morabo rona Sergey Ledenyov

Lekgotla la Russia le Qhelela ka Thoko Boipiletso ba Morabo rona Sergey Ledenyov

Ka la 19 January 2021, Lekgotla la Profinse ya Kamchatka le ile la qhelela ka thoko boipiletso ba Morabo rona Sergey Ledenyov. Kahoo, kahlolo ya pele e fanyehilweng ya tjhankana ya dilemo tse pedi ha e a fetolwa. Sena se bolela hore ha ho hlokahale hore a ye tjhankaneng hona jwale.

Pele lekgotla le phatlalatsa qeto ya lona nyeweng ya boipiletso, Sergey o ile a fuwa monyetla wa ho bua le lekgotla. O ile a emela tumelo ya hae ka sebete mme a bolela pepenene hore o ikemiseditse ho rapela Jehova. O itse: “Tumelo ya ka ha e a thehwa ho melao ya mokgatlo ofe kapa ofe, empa e thehilwe Bibeleng. Ka mohlala, ‘ntlo e nngwe le e nngwe e hahwa ke motho ya itseng, empa ya hahileng dintho tsohle ke Modimo’, hape ‘Jehova ke lebitso la hae.’ (Baheberu 3:4; Exoda 15:3) Ha ho na kahlolo [ya tlolo ya molao] e ka hlakolang mantswe ao ka Bibeleng le ka pelong ya ka.”