Feta

24 JULY 2020
RUSSIA

Morabo Rona Dennis Christensen o Kgutlisetswa ka Lekgetlo la Bobedi Seleng ya Batho ba Fuwang Kotlo

Morabo Rona Dennis Christensen o Kgutlisetswa ka Lekgetlo la Bobedi Seleng ya Batho ba Fuwang Kotlo

Ka di 15 tsa July 2020 Morabo Rona Dennis Christensen o ile a kgutlisetswa ka lekgetlo la bobedi ka seleng e kgethehileng ya batho ba fuwang kotlo (SHIZO). O tla dula ka seleng eo bonyane ho fihlela ka di 27 tsa July. Sena se etsahetse matsatsi a mararo ka mora hore a tloswe ka SHIZO. Haeba a ka iswa SHIZO ka lekgetlo la boraro, a ka nkwa e le motho ya sa “mameleng melao ya teronko ka ho fetisisa” mme ba ka mo isa ka seleng eo ka ho yona ba fang batho kotlo le ho feta (EPKT) ka dikgwedi tse ka bang 6. Maqwetha a Morabo Rona Christensen a tla ipiletsa diqosong tsa moraorao.

Ba boholong ba fa Morabo Rona Christensen kotlo, ka lebaka la hore ha a kgone ho etsa mosebetsi oo ba itseng a o etse hobane mmele wa hae ha o mo dumelle hore a o etse. Ba boholong teronkong ba batla hore Morabo Rona Christensen a sebetse femeng e rokang e hona moo teronkong. Empa haesale a le teronkong o se a kula haholo. Dingaka tsa teronkong di re Morabo Rona Christensen o phetse hantle hore a ka etsa mosebetsi oo, ha feela a ka ipha nako ya hore a nke kgefu le ho ikwetlisa. Le ha ho le jwalo, ngaka e sa sebetseng teronkong e ile ya hlahloba Morabo Rona Christensen pele ho moo. Ngaka eo e ile ya re Morabo Rona Christensen a ke ke a kgona ho etsa mosebetsi oo ba mo fileng ona ka lebaka la hore ha a phela hantle.

Ka SHIZO, batshwaruwa ha ba a dumellwa hore ba reke dijo, ba foune kapa ba founelwe, ba bone baeti ba bona kapa ba amohele diphasele. Molao o dumella batshwaruwa ba SHIZO hore ba bone baeti ba bona ba baetapele ba bodumedi. Le ha ho le jwalo, Morabo Rona Christensen ha a kgone ho mema baholo hore ba mo etele. Sena se etsahala hobane Dipaki Tsa Jehova ha di sa nkwa e le bodumedi Russia.

Jwalo ka ha ho ile ha bontshwa tlalehong e fetileng, ka di 23 tsa June, Lgov District Court e ile ya re Morabo Rona Christensen a lokollwe pele ho nako eo a neng a tla lokollwa ka yona mme a laelwa hore o tla patala tjhelete e itseng bakeng sa nako eo a neng a lokela ho e qeta teronkong. Matsatsi ha morao, motjhotjhisi o ile a ipiletsa kgahlanong le qeto eo. Ho bonahala eka ba boholong teronkong ba sebedisana ha mmoho le motjhotjhisi ho senya botumo bo botle ba Morabo Rona Christensen le ho etsa hore a se ke a lokollwa kapele teronkong.

Morabo Rona Christensen le mosadi wa hae Irina, ba ntse ba tswela pele ba na le tshepo. Re kgothala haholo ho bona hore Jehova o ntse a thusa bahlanka ba hae ba tshepahalang hore ba mamelle le mathata a boima ka thabo.​—Bakolose 1:11.