Feta

Morabo Rona Gennady Shpakovskiy, o na le mosadi wa hae Tatiana le moradi wa bona Maria, ha a qeta ho lokollwa teronkong

3 AUGUST, 2020
RUSSIA

Morabo Rona Gennady Shpakovskiy o Lokollotswe Teronkong

Morabo Rona Gennady Shpakovskiy o Lokollotswe Teronkong

Ka Mantaha wa la 3 August 2020, lekgotla la Pskov le ile la eta qeto ya ho lokolla Morabo Rona Gennady Shpakovskiy teronkong. Lekgotla le entse qeto ya hore a se ke a kwallwa teronkong ka dilemo tse 6 le halofo empa a dule a behilwe leihlo ke ba molao ka dilemo tseo. Morabo Rona Shpakovskiy o ile a lokollwa dihora tse mmalwa ka mora hore lekgotla le etse qeto ena. Motjhotjhisi o na le tokelo ya ho ipiletsa kgahlanong le qeto ena ya lekgotla.