Feta

2 MAY 2018
RUSSIA

Letsholo la ho Tshosetsa Dipaki Tsa Jehova le a Qala Russia

Letsholo la ho Tshosetsa Dipaki Tsa Jehova le a Qala Russia

Mapolesa a hlasetse Dipaki Tsa Jehova ka mabifi metseng e ka bang e supileng Russia. Letsholong le bonahalang le ne le hlophisitswe, mapolesa a bitswang OMON ao ka dinako tse ding a rwalang dimaske ebile a tshwara dithunya tsa morathatha, a ile a itshohlometsa malapeng a Dipaki mme a nka batho ba baholo le ba banyane hore ba ilo ba hloma dipotso.

Selemong se fetileng, ba boholong ba ile ba etsa dipatlilsiso tsa tlolo ya molao tse leshome mme ba kwalla Dipaki tse hlano, ho akarelletsa le Dennis Christensen, eo a ntseng a kwalletswe ho tloha ka di 25 tsa May 2017 pele nyewe ya hae e qala. Paki e nngwe ke Arkadya Akopyan ya dilemo di 69, eo nyewe ya hae e ntseng e tswela pele Rephaboliking ya Kabardino-Balkaria. Kaofela ha bona ba ka kwallwa dilemo tse pedi ho isa ho tse leshome, ka lebaka feela la ho kopana bakeng sa borapedi.

Ka di 20 tsa April 2017, Lekgotla le Phahameng la Mmuso wa Russia le ile la thibela Setsi sa Tsamaiso sa Dipaki Tsa Jehova le meaho e molaong ya Dipaki e 395. Ha Lekgotla le Phahameng le ntse le mametse nyewe, mmuso wa Russia o ile wa re le hoja o nkile meaho e molaong ya Dipaki Tsa Jehova, di ka tswela pele ho sebeletsa Modimo ka bolokolohi. Le ha ho le jwalo, seo mmuso o se buileng ha se dumellane le seo o se etsang.

Ka ha ba boholong ba se ba atlehile ho nka meaho ya Dipaki Tsa Jehova, ba se ba di hlasela ha mmoho le bodumedi ba tsona. E se e le tlolo ya molao hore Dipaki Tsa Jehova tse fetang 175 000 tse Russia di sebeletse Modimo wa tsona.

Ho Hlasela, Ho Hloma Dipotso, Ho Kwalla

Haesale ho tloha ka January 2018, basebeletsi ba molao ba ntse ba hlasela Dipaki Tsa Jehova ka sekgahla.

Ka la 20 April 2018, Shuya, Seterekeng sa Ivanovo: Basebeletsi ba molao ba ile ba phenyekolla matlo a mane a Dipaki. Basebeletsi bao ba ile ba isa Dmitriy Mikhailov seteisheneng sa mapolesa, ba mo kwalla yaba hamorao ba a mo lokolla. Ba boholong ba ile ba etsa patlisiso ya tlolo ya molao yaba ba mo qosa ka hore o ‘kenya letsoho mosebetsing o etswang ke mokgatlo o fetelletsang dintho’ ho latela molao wa bo 282.2(2) wa Tlolo ya Molao. Ha a a dumellwa ho tswa Shuya ho fihlela a fuwa tumello eo.

Ka la 19 April 2018, Vladivostok: Mapolesa le ba Lefapha la Tshireletso ya Naha ba ile ba itshohlometsa ka hara ntlo, yaba ba nka Valentin Osadchuk le bomme ba bararo ba seng ba hodile, ba ba isa seteisheneng sa mapolesa ho ba hloma dipotso. Ba boholong ba ile ba qosa morabo rona Osadchuk ba itshetlehile ka molao wa bo 282.2(2) wa Tlolo ya Molao, o nang le kotlo ya hore motho a kwallwe dilemo tse pedi ho isa ho tse nne, yaba ba mo kwalla pele nyewe ya hae e qala. Ka di 23 tsa April, Lekgotla la Setereke la Frunzenskiy le ile la laela hore Morabo rona Osadchuk a kwallwe ho fihlela ka di 20 tsa June 2018. O ntse a kwalletswe Teronkong ya Vladivostok.

Ka la 18 April 2018, Polyarny, Seterekeng sa Murmansk: Mapolesa le a mang a bitswang OMON a tshwereng dithunya tsa morathatha, a ile a thuba lemati la ntlo ya morabo rona Roman Markin mantsiboya yaba a a kena. Mapolesa a ile a mo qobella hore a paqame fatshe a mo supile ka sethunya. Ka mora hore moradi wa hae a bone mapolesa a tshwereng dithunya, o ile a itihela fatshe yaba o ipata hlooho ka matsoho. Mapolesa a ile a phenyekolla ntlo ya morabo rona Markin, ka mora moo a mo isa seteisheneng sa mapolesa yaba a mo kwalla pele nyewe ya hae e qala.

Mantsiboyeng ona ao, mapolesa a ile a phenyekolla matlo a 14 a Dipaki tse ding hona sebakeng seo yaba a nka diselefouno, dithabolete le dintho tse ding. Ka mora moo, mapolesa a ile a nka Dipaki tseo a di isa seteisheneng sa mapolesa ho di hloma dipotso. Ba boholong ba ile ba re morabo rona Markin le morabo rona Viktor Trofimov ba tlotse molao. Ho latela molao wa bo 282.2(1) wa Tlolo ya Molao, ka bobedi ba ile ba qoswa ka hore ba ‘hlophisa mesebetsi ya mokgatlo o fetelletsang dintho.’ Haeba ba ka fumanwa ba le molato, ba ka kwallwa dilemo tse tsheletseng ho isa ho tse leshome. Ka bobedi ba ntse ba kwalletswe teronkong ya Murmansk ha ba ntse ba emetse hore nyewe ya bona e qale.

Ka la 10 April 2018, Zaton Seterekeng sa Ufa: Pakeng tsa 6:30 le 7:00 hoseng, bafuputsi le mapolesa a bitswang OMON ba ile ba phenyekolla matlo a mmalwa a Dipaki. Ha ba ntse ba etsa jwalo, mapolesa a ne a hloma Dipaki dipotso. Ketsahalong e nngwe, lepolesa le ile la re ho Paki: “Re tla o tlohela haeba feela o ka re ha o sa le e mong wa Dipaki Tsa Jehova.” Ho e nngwe hape, lepolesa le ile la re ho Paki: “Re tlo le fiela.” Dipaki tseo kaofela di ile tsa iswa seteisheneng sa mapolesa ho ilo hatiswa menwana le ho hlongwa dipotso.

Nakong eo mapolesa a neng a hlasela ntlo ya moradiwabo rona Khafizov le monna wa hae, a ile a ba supa ka dithunya yaba a phenyekolla ntlo ya bona. Ka mora moo, lepolesa le ile la phamola moradiwabo rona Khafizov, la mo lahlela ka koloing yaba le mo isa seteisheng sa mapolesa e le hore a hlongwe dipotso. Ntate Khafizov ha se e mong wa Dipaki Tsa Jehova.

Mapolesa a ile a hlasela ntlo ya Anatoliy Vilitkevich yaba a mo tshwara. Ba ile ba bollela mosadi wa hae hore o tla bona monna wa hae ka mora “nako e telele.” Ba boholong ba ile ba mo qosa ka hore o ‘hlophisa mesebetsi ya mokgatlo o fetelletsang dintho’ ho latela molao wa bo 282.2(1) wa Tlolo ya Molao mme ba ntse ba mo kwalletse ho fihlela nyewe ya hae e qala ka la 2 June 2018. Haeba a ka fumanwa a le molato, a ka kwallwa teronkong dilemo tse leshome.

Ka March 2018, Oryol: Ha nyewe ya tlolo ya molao ya morabo rona Dennis Christensen e ntse e tswela pele, ba boholong ba ile ba etsa patlisiso ya tlolo ya molao ya bobedi kgahlanong le Paki e nngwe e leng morabo rona Sergey Skrynnikov ka mora hore matlo a supileng a Dipaki tse Oryol a phenyekollwe ka May 2017. Morabo rona Skrynnikov ha a so fumanwe a le molato. O qoswa ka hore o ‘kenya letsoho mosebetsing o etswang ke mokgatlo o fetelletsang dintho’ ho latela molao wa bo 282.2(2) wa Tlolo ya Molao. Haeba a ka fumanwa a le molato, a ka kwallwa teronkong dilemo tse pedi ho isa ho tse nne.

Ka la 7 February 2018, Belgorod: Sehlopha se seholo sa basebeletsi ba molao, se ile sa hlasela matlo a ka bang leshome a Dipaki. Se ile sa lahlela beng ba matlo fatshe, sa petelletsa ba bang leboteng. Mapolesa a ile a phenyekolla matlo a Dipaki, a di nkela disebediswa tsa elektronike, diphasepoto, dinepe le tjhelete. Ba ile ba isa Dipaki tseo kaofela seteisheng sa mapolesa, ba di hloma dipotso yaba ba a a di lokolla ntle ho Anatoly Shalyapin le Sergei Voikov. Mapolesa a ile a ba kwalla dihora tse 48 yaba ka mora moo a a ba lokolla. Le ha ho le jwalo, Dipaki tsena ha di a dumellwa ho tswa ka hara Belgorod.

Ka la 23 January 2018, Kemerovo: Mapolesa a ile a hlasela Dipaki le ho phenyokolla matlo a tsona a 12 mme a di nkela disebediswa tsa elektronike, dingolwa le ditokomane tse ding tse ngata. Pele ho tlhaselo eo, monna ya itseng ya neng a ikentse eka ke Paki ya Jehova, o ile a ya dibokeng tsa Dipaki, a di rekota ka sephiri yaba o fa mapolesa rekoto eo. Ba boholong ba ile ba sebedisa rekoto eo ho etsa patlisiso ya molao.

Qeto ya Lekgotla le Phahameng e ka Nna ya Arola Malapa

Ho phaella diketsong tse sehloho tsa mapolesa le ba Lefapha la Tshireletso ya Naha, ba boholong Russia ba laetse hore Mmuso o nke bana ba Dipaki Tsa Jehova e le hore o “fetole seo ba se dumelang.” Ka di 14 tsa November 2017, Komiti ya Lekgotla le Phahameng la Russia, e ile ya etsa qeto ya hore “lekgotla le ka hanela batswadi ka tokelo ya ho hodisa bana” haeba ba ba kenyelletsa mokgatlong wa bodumedi o thibetsweng oo ho thweng o “fetelletsa dintho.”

Ka di 23 tsa November 2017, Tshebeletso ya Thuto le Saense e ile ya etsa “tlhahiso” e yang naheng yohle ya hore bana ba “bodumeding bo fetelletsang dintho” ba lokela ho “fetolwa seo ba se dumelang.” Tshebeletso ena e ile ya qolla feela dihlopha tse pedi tsa bana, e leng ba ISIS le ba Dipaki Tsa Jehova. E ile ya hlokomela hore “bana le batjha ba bangata” ke bana ba Dipaki Tsa Jehova. Ha jwale, ha ho na bana ba Dipaki ba seng ba nkilwe ho batswadi ba bona.

Letsholo la ho Tshosetsa Dipaki le Tla Fela Neng?

Mebusong e Lekgotleng la Europe ha ho na mmuso o kileng wa hlasela bodumedi ba batho ba nang le kgotso jwalo ka ona. Dipaki Tsa Jehova tse Russia ha di sa kgona ho bala, ho ithuta Bibele le ho kopana ka bolokolohi bakeng sa borapedi. E le hore ba qobe ho tshwarwa kapa ho hloriswa, ba lokela ho kopana ka sephiri ha ba batla ho bokana bakeng sa borapedi jwalo ka ha ba ne ba etsa nakong ya Soviet union.

Dipaki Tsa Jehova lefatsheng ka bophara di tshwenyehile ka badumedimmoho le tsona le hore na letsholo lena le tla ama Dipaki jwang maikutlong, moyeng le nameng. Philip Brumley e leng Mmuelli wa Molao wa Dipaki Tsa Jehova o ile a re: “Mmuso wa Russia o lokela ho emisa ditlhekefetso tsena le hore o lokela ho hlompha ditokelo tsa botho le bolokolohi ba bodumedi. Ekaba ke eng hape eo mmuso wa Russia o tlo e etsa Dipaki Tsa Jehova ha e le mona o se o di hlasetse, o di kwalletse teronkong ebile o nkile le meaho e molaong ya tsona?”