Feta

Lelapa la Dipaki Tsa Jehova South Korea le kenya letsoho letsholong la ho etsa kopo

1 MARCH 2018
SOUTH KOREA

Dipaki Tsa Jehova Tse South Korea di Etsa Kopo ho Mopresidente ya Hore ho Rarollwe Taba ya ho se Kenele Sesole ka Lebaka la Bodumedi

Dipaki Tsa Jehova Tse South Korea di Etsa Kopo ho Mopresidente ya Hore ho Rarollwe Taba ya ho se Kenele Sesole ka Lebaka la Bodumedi

Diketsahalo tsa moraorao tse sa tswa etsahala South Korea di bontsha hore e ka nna ya ba mmuso o nahana haholo ka hore o fetohe, o hlomphe ditokelo tsa mantlha tsa botho. Ka la 7 December 2017, Mopresidente wa South Korea e leng Jae-in Moon o ile a buisana le ba boholong Komiting ya Naha ya Ditokelo Tsa Botho (NHRC) mme a ba kopa hore ba fane ka ditlhahiso tsa hore na naha e ka ntlafatsa ditokelo tsa botho jwang e le hore di dumellane le melao ya matjhaba. Ka ho toba, Mopresidente Moon o ile a kopa NHRC hore e fane ka ditlhahiso tse tla thusa mmuso hore o fedise molao wa ho tshwara batho ba sa batleng ho kenela sesole ka lebaka la bodumedi.

Ka mora seboka se ileng sa phatlalatswa, Dipaki Tsa Jehova di ile tsa etsa letsholo la ho isa mangolo a kopo ho mopresidente. Molao wa mmuso wa ho tshwara batho ba hanang ho kenela sesole ka lebaka la bodumedi o amme Dipaki habohloko. Mopresidente Moon o ile a laela mmuso wa hae hore o mamele dikopo tsa baahi, ba ne ba kopa Mopresidente a rarolle bothata ba ho tshwara batho ba hanang ho ya sesoleng boo haesale bo le teng ka dilemo tse fetang 70.

Ofisi ya naha ya Dipaki Tsa Jehova e hlophisa dikopo

Dikopo tseo di ile tsa qetwa ho ngolwa dibeke tse nne feela letsholo le qadile. Batho ba ileng ba saena dikopo tseo ba akaralletsa banna ba fetang 14 000 ba ileng ba fuwa kotlo ka lebaka la ho hana ho kenela sesole le ba malapa a bona a fetang 26 000 a ileng a utlwiswa bohloko ke ho tshwarwa ha banna bao.

15 January 2018, dikopo di iswa Ofising ya Mopresidente

Ka la 15 January 2018, Dipaki tse 6 ho tse 41 275 tse ileng tsa saena, di ile tsa isa dikopo tseo Ofising ya Mopresidente. Dikopo tseo di ne di bontsha hore Dipaki di ananela hore Mopresidente o thahasella taba ena, tsa bontsha ditlamorao tse bohloko tse bileng teng ka dilemo tse 70 tse bakilweng ke ho tshwara batho ba hanang ho kenela sesole ka lebaka la bodumedi mme tsa bontsha le melemo e tla ba teng ha bothata bona bo ka lokiswa. Ka la 16 January 2018, Ofisi ya Mopresidente e ile ya fetisetsa dikopo tseo ho Lekala la Tshireletso ya Setjhaba e le hore le di sekaseke.

Ha dikopo tsena di ntse di sekasekwa, baemedi ba Dipaki Tsa Jehova ba ile ba kopana le ba boholong ba NHRC. Ba ile ba hlalosa ka mangolo a Bibele hore na ke hobaneng ha Dipaki Tsa Jehova di hana ho kenela sesole. Haeba Dipaki di ne di ka fuwa tshebeletso ya setjhaba e sa amaneng le sesole, di ne di ka tswela mmuso le naha molemo, ho e na le ho dula feela teronkong. Ba boholong ba NHRC, ba ile ba bolella Dipaki Tsa Jehova hore taba ena ya ho kwalla Dipaki ka lebaka la ho hana ho kenela sesole e tla ba yona e ka sehloohong eo ba tla bua ka yona ha ba buisana ka ditokelo tsa botho ka selemo sa 2018.

Palo ya batho ba ileng ba kena teronkong South Korea e ngata ho feta palo ya ba ileng ba kwallwa dinaheng tse ding e kopantswe. Ha ba boholong ba sekaseka molao wa mmuso ka taba ena, Dipaki Tsa Jehova di ile tsa eba le tshepo ya hore seo se tla fedisa bothata bo bileng teng ba ho kwalla Dipaki ka dilemo tse 36 700 ha di kopanngwa.