Feta

1 MARCH 2018
SOUTH KOREA

Makgotla a South Korea a Batla Tharollo Bakeng sa Batho ba Hanang ho Kenela Sesole ka Lebaka la Bodumedi

Makgotla a South Korea a Batla Tharollo Bakeng sa Batho ba Hanang ho Kenela Sesole ka Lebaka la Bodumedi

Ho e na le hore Dipaki Tsa Jehova di tswele pele ho tshwarwa hobane di hana ho kenela sesole ka lebaka la bodumedi, baahlodi ba South Korea ba ntse ba batla ditsela tsa hore di se ke tsa tshwarwa. Baahlodi ba bang ba ntse ba sekaseka lebaka leo Dipaki di entseng qeto ya ho se kenele sesole le thehilweng Mangolong la ho se ntshe batho ba bang kotsi. * Makgotla a mang a nkile qeto ya hore Dipaki ha di na molato ka hore ebe di hana ho kenela sesole hobane di na le tokelo eo. Ka May 2015, baahlodi ba ile ba fumana Dipaki di se molato dinyeweng tse 66 tse mabapi le ho se kenele sesole, e leng palo e hodimo ha ho bapiswa le dinyewe tse nne tse ileng tsa sebetswa dilemong tse ngata tse fetileng.

Qeto e Susumetsang

Ho thahasellisang ke hore ka la 1 February 2018, lekgotla la boipiletso la Busan le ile la iphapanyetsa tsamaiso ya molao ya Lekgotla le Phahameng le ya Lekgotla la Molao wa Motheo tabeng ena, ka ho tshehetsa diqeto tsa hore Dipaki “ha di molato.” Qeto ena e ne e thahasellisa ka mabaka a mabedi a latelang, la pele ke hore Lekgotla la Setereke sa Busan le ne le sa fetohe, la bobedi ke hore nakong e fetileng, Jong-du Choi e leng moahlodi ya ka sehloohong, o ile a fana ka kahlolo ya hore Dipaki di molato ka ho hana ho kenela sesole.

Baahlodi ba bararo ba ile ba lebisa tlhokomelo molaong o tlamang South Korea, wa hore e latele melao ya matjhaba mabapi le dinaha e leng melao e behilweng ke Selekane sa Matjhaba sa Ditokelo tsa Setjhaba le tsa Dipolotiki, se tshehetsang ditokelo tsa batho ba hanang ho kenela sesole. Lekgotla le ile la fana ka lebaka la hore “ho ya ka molao wa bo 18 wa Selekane, ho fosahetse ho kwalla batho ba hanang ho kenela sesole ka lebaka la bodumedi. Ka hoo, . . . ho loketse ho bolela hore batho ba ka hana ho ngodisetswa tshebeletso ya sesole.” Qeto ena e ile ya phatlalatswa mme batho ba bangata ba tshepa hore e tla susumetsa ba sebetsang ka tsa molao.

Batho ba Lebelletse Tharollo

Nakong e fetileng, Baahlodi ba ile ba etsa hore Dipaki tse ka bang 500 ho isa ho tse 600 di tshwarwe selemo le selemo empa hona jwale baahlodi ba bangata ba diehisa dinyewe. Ka ha baahlodi ba sitwa ho etsa qeto, dinyewe tse fetang 700 di ntse di tswela pele ho eketseha hobane ba emetse hore Lekgotla la Molao wa Motheo le nke qeto. Ka la 31 December 2017, ke Dipaki tse 267 feela tse ileng tsa tshwarwa e leng palo e nyane ka ho fetisisa ha e bapiswa le dilemo tse leshome tse fetileng.

Lekgotla la Molao wa Motheo le tla nka qeto ya hore na baahlodi ba lokela ho ahlola batho ba hanang ho kenela sesole ho latela Molao wa Tshebeletso ya Sesole kapa hore na tokelo ya ho hana ho kenela sesole ka lebaka la bodumedi e ya ba sireletsa ho latela melao ya matjhaba. Batho ba bangata ba South Korea ba lebelletse Lekgotla ho fumana tharollo e tla dumella batho ba hanang ho kenela sesole ho etsa tshebeletso e nngwe ya setjhaba e ka tswelang setjhaba molemo.

Haeba Lekgotla le sa fumane batho bana ba le molato, sena se tla etsa hore South Korea e dumellane le Lekgotla la Ditokelo Tsa Botho la Matjhaba a Kopaneng le ileng la sebetsa dinyewe tse makgolokgolo. Komiti e ile ya re South Korea e emise ho kwalla batho ba hanang ho kenela sesole le hore e hlomphe tokelo ya batho ya ho hana ho etsa dintho tse itseng hobane letswalo la bona le sa ba dumelle.

^ par. 2 Ka mohlala, Esaia 2:4 e re: “Ba tla lokela ho tea disabole tsa bona hore e be mehoma le marumo a bona hore e be dikere tse faolang dimela. Setjhaba se ke ke sa phahamisetsa setjhaba se seng sabole, ha ba sa tla hlola ba ithuta ntwa.” Jesu o ile a re ho barutuwa ba hae ba lokela ho tsejwa ka lerato ha a re: “Ke le fa taelo e ntjha, hore le ratane; le lona le ratane feela jwalo ka ha ke le ratile. Bohle ba tla tseba ka sena hore le barutuwa ba ka, haeba le e na le lerato hara lona.”—Johanne 13:34, 35.