Feta

6 AUGUST 2020
UNITED STATES

Lehodiotswana le Bitswang Hanna le Baka Tshenyo Texas

Lehodiotswana le Bitswang Hanna le Baka Tshenyo Texas

Sebaka

Texas, United States

Koduwa

  • Lehodiotswana le bitswang Hanna le fihlile lebopong la Texas ka la 25 July 2020 mme la baka dikgohola le ho etsa hore maqhubu a phahame haholo ka nakwana

  • Lehodiotswana lena ke la pele selemong sena nakong ya mahodiotswana a Atlantic

Koduwa ena e amme bara le baradibabo rona jwang?

  • Barababo rona ba babedi ba lemetse hanyane feela

  • Bahweletsi ba 193 ba ile ba tlameha ho tloha matlong a bona ka nakwana

Meaho e senyehile hampe hakae?

  • Matlo a 347 a bara le baradibabo rona a senyehile hanyane feela

  • Empa a 31 a senyehile haholo

Diphallelo

  • Bapotolohi ba sebetsa le baholo ba diphutheho ho kgothatsa bara le baradibabo rona ba dibakeng tseo le ho ba thusa ka dintho tseo ba di hlokang

Re leboha Jehova, “Modimo wa matshediso ohle”, ka ho hlokomela bara le baradibabo rona ba Texas nakong ena e thata .​—⁠2 Bakorinthe 1:3, 4.