Feta

26 FEBRUARY 2018
UNITED STATES

Ditaba Tsa Moraorao Mabapi le Diphallelo Tsa Lehodiotswana le Bitswang Harvey

Ditaba Tsa Moraorao Mabapi le Diphallelo Tsa Lehodiotswana le Bitswang Harvey

NEW YORK—Baahi ba Texas, U.S.A., ba ntse ba leka ho kgutlela setlwaeding ka mora Lehodiotswana le bitswang Harvey le ileng la qala haufi le lebopo la lewatle sebakeng se bitswang Corpus Christi, ka di 25 tsa August 2017. Dikomiti tsa Diphallelo tse pedi di etella pele mosebetsi wa ho thusa bara le baradibabo rona ba dikete ba anngweng ke Lehodiotswana lena.

Morabo rona o batlana le Dipaki Tsa Jehova sebakeng sa diphallelo se Houston, Texas.

Baithaopi ba fetang 7 000, ba ile ba thusa ka mosebetsi wa ho hlwekisa, ho akarelletsa le ho hlwekisa matlo a 2 300 a bahweletsi. Beke le beke, baithaopi ba ka bang 1 000 ba thusa ka mosebetsi wa kaho. Hona jwale, ba se ba lokisitse Diholo Tsa Mmuso tse 48 mme ho hlophisitswe hore dikgweding tse tlang ho lokiswe matlo a fetang 545. Ho hakanngwa hore mosebetsi wa diphallelo sebakeng sena o tla bitsa didolara tse ka bang 8.5 milione mme o tla qetwa ka di 30 tsa June 2018.

Ho tloha mafelong a August 2017, baemedi ba lekala ba 22, ba akarelletsang ditho tsa Komiti ya Lekala tse 7, ba ile ba etela bahweletsi ba anngweng ke Lehodiotswana ho ba matlafatsa le ho ba tshedisa ka Bibele. Re rapella hore matsoho a bohle ba nkileng karolo mosebetsing ona wa diphallelo, a ka matlafatswa bakeng sa mosebetsi.—Nehemia 6:9.

Baithaopi ba diphallelo Aransas Pass, Texas.

Media Contacts:

David A. Semonian, Office of Public Information, +1-845-524-3000