Feta

2 MARCH 2018
UNITED STATES

Ho ba le Merwallo Central United States

Ho ba le Merwallo Central United States

Ka February 2018, ho qhibidiha ha lehlwa le dipula tsa dikgohola ho ile ha baka merwallo central United States. Bara le baradibabo rona ba dulang Illinois, Indiana, Kentucky, Michigan, Ohio, le Tennessee ba hara ba bangata ba ileng ba anngwa ke merwallo ena.

Bethele e United States e tlalehile hore bahweletsi ba 20 ba tswang dipotolohong tse 8 tse fapaneng ba ile ba tlameha ho siya mahae a bona. Ka maswabi moradiabo rona e mong ya dulang Indiana, o ile a hlokahala ka lebaka la dipula tseo tse matla tse bakileng merwallo. Matlo a 57 a barababo rona a ile a senyeha.

Balebedi ba potoloho ba dibakeng tsena ba fana ka matshidiso ho bahweletsi bohle ba anngweng ke koduwa ena. Re tswela pele ho rapella bara le baradibabo rona ba anngweng ke dikoduwa, re a tseba hore Jehova o tla ba hlokomela matshwenyehong a bona.—1 Petrose 5:7.

Media Contact:

David A. Semonian, Office of Public Information, +1-845-524-3000