Feta

BATJHA BA A BOTSA

Na ke Kgona ho Amohela Dintho ka Moo di Leng ka Teng?

Na ke Kgona ho Amohela Dintho ka Moo di Leng ka Teng?

 Na o motho ya kgonang ho amohela? Na o kile wa angwa ke . . .

  •   ho hlokahallwa ke motho eo o mo ratang?

  •   ho kula nako e telele?

  •   dikoduwa tsa tlhaho?

 Bafuputsi ba re ha se mathata a maholo feela ao motho a hlokang ho a amohela. Ho tshwenyeha ka mathata a manyane le hona ho ka etsa hore o kule. Ke ka hoo ho leng bohlokwa haholo hore o ithute ho amohela dintho ho sa tsotellehe hore na o na le mathata a maholo kapa a manyane.

 Ho amohela dintho ho bolelang?

 Motho ya kgonang ho amohela dintho o kgona ho sebetsana le mathata ao a bang le ona ka katleho. Batho ba kgonang ho amohela dintho ba na le mathata jwalo ka batho ba bang. Le ha ho le jwalo, ba kgona ho hlola mathata a bona ho sa tsotellehe dintho tse ba nyahamisang mme seo se etsa hore ba be matla ho feta pele.

Feela jwalo ka ha sefate se kobeha ha ho na le sefefo mme se kobolloha ha sefefo se fela, le wena o ka boela wa ba hantle ha o na le mathata

 Ke hobaneng ha o hloka ho amohela maemo?

  •   Hobane motho e mong le e mong o na le mathata. Bibele e re: “Ba lebelo ha ba hlole peisong, . . . kapa hore esita le ba nang le tsebo ba fumana kamohelo; hobane bohle ba hlahelwa ke nako le ketsahalo e sa lebellwang.” (Moeklesia 9:11) Re ithutang? Le batho ba lokileng ba na le mathata mme hangata ha se hobane ho na le se sebe seo ba se entseng.

  •   Hobane ho amohela dintho ho a o sireletsa. Moeletsi wa sekolo se phahameng o re: “Bana ba bangata ba sekolo ba tla ofising ya ka ho feta le ha e le neng pele, ba halefile mme ba sa kgone ho laola maikutlo a bona ka baka la hobane ba fumane dimaraka tse nyane tlhahlobong ya bona kapa hobane motho e mong a buile ntho e itseng ka bona metjheng ya puisano. Mathata a na a ka bonahala a le manyane, empa haeba bana ba sekolo ba sa sebetsane le ona hantle ba ka iphumana ba na le bothata ba kelello.” a

  •   Hobane ho amohela dintho ho ka o thusa hona jwale le nakong eo o seng o le moholo. Mabapi le ho phoqeha bophelong, Dr. Richard Lerner o re: “Tsela ya hore o be motho ya moholo ya atlehileng le ya mafolofolo, ke ka hore o amohele ho phoqeha, o tsebe dintho tse ntjha tseo o batlang ho di finyella bophelong kapa o batle ditsela tsa ho finyella seo o batlang ho se etsa.” b

 O ka etsang e le hore o be motho ya amohelang maemo?

  •   Hlahloba mathata a hao. Ithute phapang pakeng tsa mathata a maholo le a manyane. Bibele e re: “Ke lewatla le tsebahatsang matshwenyeho a lona ka letsatsi lona leo, empa ya masene o kwahela ho se hlomphehe.” (Liproverbia 12:16) Ha se mathata ohle a tlamehang ho o ama haholo.

     Joanne o re: “Sekolong baithutimmoho le nna ba ne ba tletleba ka dintho tseo eseng tsa bohlokwa jwalo ka ha e ka ke tsa bohlokwa. Ebe metswalle ya bona metjheng puisano e re ba etsa hantle ka ho tletleba, ebe ba kwata le ho feta. Sena se etsa hore ho be boima ho sebetsana le mathata a bona.”

  •   Ithute ho tswa ho batho ba bang. Bibele e re: “Tshepe e leotswa ka tshepe. Ka ho tshwanang motho e mong o leotsa sefahleho sa e mong.” (Liproverbia 27:17) Re ka ithuta dintho tsa bohlokwa ho tswa ho batho ba ileng ba kopana la maemo a boima.

     Julia o re: “Ha o bua le batho ba bang o tla fumana hore ba bile le mathata a mangata empa hona jwale ba hantle. Bua le bona e le hore o tsebe hore ke eng seo ba se entseng kapa ba sa se etsang ho sebetsana le boemo ba bona.”

  •   E ba le mamello. Bibele e re: “Etswe ya lokileng a ka nna a wa esita le ka makgetlo a supileng, mme ka sebele o tla ema.” (Liproverbia 24:16) Ho nka nako ho amohela hore dintho ha di ka moo o neng o batla hore di be ka teng, ka hoo o se ke wa makala haeba ka dinako tse ding o utlwa bohloko. Ntho ya bohlokwa ke hore o ‘eme hape.’

     Andrea o re: “Ha o amohetse hore o na le mathata, pelo le maikutlo a hao di lokela ho fola. Seo se ka nka nako. Ke ithutile hore ha nako e ntse e ya ho ba bobebe hore ke fole.”

  •   E ba motho ya lebohang. Bibele e re: “Le iponahatse le le ba lebohang.” (Bakolose 3:15) Ho sa tsotellehe hore na bothata ba hao bo boholo hakae, ho dula ho na le dintho tseo o ka di thabelang. Nahana ka dintho tse tharo tse ka etsang hore o thabele ho phela.

     Samantha o re: “Hangata ha re na le mathata re re: ‘Hobaneng nna?’ Ntho ya bohlokwa ka ho amohela mathata ke hore ha o inehele mathata empa o kgetha ho ba motho ya ananelang seo a nang le sona le seo a ka se etsang.”

  •   E ba motho ya kgotsofalang. Moapostola Pauluse o ile a re: “Maemong afe kapa afe ao ke leng ho ona, ke ithutile ho kgotsofala.” (Bafilipi 4:11) Pauluse o ne a sa kgone ho laola mathata ao a neng a na le ona. Empa o ne a ka kgona ho laola tsela eo a a amohelang ka yona. Pauluse o ne a ikemiseditse ho dula a kgotsofetse.

     Matthew o re: “Ntho eo ke ithutileng yona ka nna ke hore qalong tsela eo ke itshwarang ka yona ha ke na le mathata ha e molemo. Ntho eo ke batlang ho e etsa ke ho leka ho sheba mathata ao ke bang le ona ka tsela e nepahetseng. Seo se tla tswela nna ha mmoho le batho ba bang molemo.”

  •   Rapela. Bibele e re: “Lahlela morwalo wa hao ho Jehova, o tla o tshehetsa. Le ka mohla a ke ke a dumella ya lokileng hore a therekele.” (Pesaleme ya 55:22) Thapelo ha se ntho eo o e etsang hobane feela o batla ho ikutlwa o le hantle. Empa ke tsela eo o buang le Mmopi wa hao ka yona ya o tsotellang.​—1 Petrose 5:7.

     Carlos o re: “Ha ke a tlameha ho sokola ke le mong. Ha ke bolella Jehova ntho e nngwe le e nngwe ka botshepehi ebile ke mo leboha ka dintho tseo a nketseditseng tsona, ke tlohela ho nahana ka dintho tse nnyahamisang ka hore ke nahane ka dintho tseo Jehova a ntlhohonolofaditseng ka tsona. Ka hoo thapelo ke ntho ya bohlokwa.”

a Ho tswa bukeng ya Disconnected e ngotsweng ke Thomas Kersting.

b Ho tswa bukeng ya The Good Teen​—Rescuing Adolescence From the Myths of the Storm and Stress Years.