Feta

BATJHA BA A BOTSA

Nka Thuswa ke Eng Haeba ke sa Rate Sekolo?

Nka Thuswa ke Eng Haeba ke sa Rate Sekolo?

 Na ha o rate sekolo hobane matitjhere a o tshwere ka thata,o hatellwa ke dithaka, ditlhahlobo di o tshwarisa hlooho le mosebetsi wa sekolo oo o lokelang ho etsetsa hae o le mongata? Haeba ho jwalo ho a utlwahala. a Ngwanana e mong ya bitswang Rachel b o re:

 “Haeba ho ne ho ka thwe ke kgethe ke ne ke tla ya hohle ntle le sekolong, ke ne ke tla kgetha ho ya lewatleng, ho ba le metswalle ya ka, ho thusa batswadi ba ka ho pheha le ho hlwekisa ka tlung, ho ena le ho kgetha hore ke ye sekolong.”

 Haeba o ikutlwa jwalo ka Rachel, e ka nna yaba ho ya sekolong ho etsa hore o ikutlwe eka o motshwaruwa ya lokelang ho mamella ho fihlela a lokollwa teronkong. Na ho na le ntho e ka o thusang hore o rate ho ya sekolong?

 Na o ne o tseba? E le hore o nke sekolo e le sa bohlokwa ebile e se ntho eo o tlamehang ho e mamella feela, o lokela ho fetola tsela eo o se nkang ka yona. Ha o etsa jwalo, sekolo se tla o thusa hore o kgone ho etsa dintho tse tla o tswela molemo le ha o se o le motho ya moholo.

 Dintho tse latelang di ka o thusa hore o nke sekolo e le sa bohlokwa:

 Ho ithuta. Ho kena sekolo ho tla o thusa ho rarolla mathata ao o ka nnang wa tobana le ona le ha o se o sebetsa kapa ao o ka tobanang le ona bophelong, ho ena le hore o a rarollelwe ke batho ba bang. Ipotse, ‘Le ha ke sa rate sekolo, ke dintho dife tsa bohlokwa tseo ke ithutang tsona ha ke le sekolong?’

 Molaomotheo wa Bibele: “Sireletsa bohlale le kelello ya hao.”​—⁠Diproverbia 3:⁠21.

 Ho ithuta dintlha tse eketsehileng, bala sehlooho se reng “Nka Thuswa ke Eng Haeba ke sa Sebetse Hantle Sekolong?

 Ho ba le mekgwa e metle. Ho kena sekolo ho tla o thusa hore o sebedise nako ya hao hantle, o be le boitshwaro hape o sebetse ka thata e leng dintho tse tla o thusa ha o se o le motho e moholo. Ipotse: ‘Ho kena sekolo ho nthusa jwang hore ke be le boitshwaro le hore ke be motho ya sebetsang ka thata? Nka ntlafatsa jwang dintlheng tsee?’

 Molaomotheo wa Bibele: “Motho o rua molemo ha a sebetsa ka thata.”​—⁠Diproverbia 14:⁠23.

 Ho ithuta dintlha tse eketsehileng, bala sehlooho se reng “Nka Sebedisa Nako ya ka ka Bohlale Jwang?

 Ho ba botswalle. Ha o itlwaetsa ho etsa dintho le bana bao o kenang sekolo le bona, seo se etsa hore o be le kutlwelo bohloko hape o hlomphe batho ba bang. Mohlankana e mong ya bitswang Joshua o re: “Feela jwalo ka ha ho ithuta histori le saense ho le bohlokwa, ho ithuta ho bua le batho ba bang hantle le hona ke ha bohlokwa hobane ke ntho eo o tlo e etsa bophelo bohle.” Ipotse, ‘Ho kena sekolo ho nthusa jwang hore ke utlwane le batho ba bang le haeba ba dumela kapa ba etsa dintho ka tsela e fapanang le eo ke di etsang ka yona?’

 Molaomotheo wa Bibele: “Lwanelang hore le be le kgotso le batho ba bang.”​—⁠Baheberu 12:⁠14.

 Ho ithuta dintlha tse eketsehileng, bala sehlooho se reng “Nka Ntlafatsa Tsela eo ke Qoqang ka Yona Jwang?

 Ho ba le bokamoso. Sekolo se ka o thusa hore o tsebe dintho tseo o ipabolang ho tsona le hore o ipehele dintho tseo o batlang ho di finyella o ipapisitse le hore na o ipabola hokae. Morwetsana e mong ya bitswang Brooke o re: “O ka fumana kwetliso e itseng ka ho kgetheha, e tla o thusa hore ha o qeta sekolo o kgone ho sebetsa.” Ipotse: ‘Ke tlo itlhokomela jwang ha ke se ke qetile sekolo? Ke dithuto dife tseo ke lokelang ho di etsa e le hore ke kgone ho etsa mosebetsi oo?’

 Molaomotheo wa Bibele: “Tseba moo o lebileng teng.”​—⁠Diproverbia 4:​26, Contemporary English Version.

a Melaomotheo eo ho builweng ka yona sehloohong sena e tla thusa le bana ba kenang sekolo ba le hae.

b Mabitso a mang a fetotswe.