BATJHA BA A BOTSA
Haeba ha ke sa Batla ho Phela
Jonathan ya dilemo di 17 o re: “Dilemong tsa ho feta, ke ne ke tshwenyehile haholo hoo e neng eka ke lwantshana le ho tima mollo. Nakong eo, ke ne ke utlwa eka nka ipolaya empa bonneteng feela ke ne ke sa batle ho shwa. Ke ne ke mpa fela ke batla ho fedisa mathata a ka.”
Ha ho etswa dipatlisiso, ho ile ha fumanwa hore baneng ba 14 000 ba dikolong tse phahameng, a le mong ho ba bahlano o ile a dumela hore dikgweding tse 12 tse fetileng o ile a nahana ho ipolaya. a Ha o utlwa eka ha o sa batla ho phela, o lokela ho etsang?
Ema hanyane. Itjwetse hore o ke ke wa nkwa ke maikutlo. Le hoja ho ka bonahala ho le thata ho sebetsana le mathata a hao, ho na le dintho tseo o ka di etsang tse ka o thusang hore o rarolle mathata a hao.
O ka utlwa eka mathata a hao ha a kgone ho rarolleha. Empa taba ya hore o ikutlwa jwalo ha e bolele hore taba eo ke nnete. Ho na le dintho tse tla o thusa ho sebetsana le bothata ba hao, ha feela o ka fumana thuso e nepahetseng o tla kgona ho rarolla bothata ba hao.
Keletso ya Bibele: “Re peteditswe ka hohle empa ha re a petetswa hoo re ke keng ra sisinyeha, re tsielehile empa ha se hore ho hang ha re na tsela ya ho tswa.”—2 Bakorinthe 4:8.
Keletso: Haeba maikutlo a ho ipolaya a le matla haholo kapa o dula o nahana ka wona, leka ho fumana dintho tse tla o thusa. Mohlomong o ka founela sepetlele kapa batho ba thusang batho ba nang le maikutlo a ho ipolaya. Batho ba sebetsang moo, ba kwetliseditswe ho thusa batho mme ba batla ho o thusa.
Bua le motho e mong. Ho na le batho ba o kgathallang le ba batlang ho o thusa. Batho ba na ba ka akareletsa metswalle le ba lelapa mme ba ke ke ba tseba bothata ba hao ntle le haeba o ba bolella.
Batho ba bang ba hloka dikgalase tsa mahlo hore ba kgone ho bona hantle. Ka tsela e tshwanang, motswalle a ka o thusa hore o sebetsane le mathata a hao hantle le hore o boele o thabele ho phela.
Keletso ya Bibele: “Motswalle wa nnete . . . ke ngwaneno eo o ka mo tshepang dinakong tsa mahlomola.”—Diproverbia 17:17.
Keletso: E le hore o qale moqoqo o ka nna wa re: “E se e le nako ke tlelwa ke maikutlo a fosahetseng. Na nka bua le wena ka wona?” Kapa o ka nna wa re: “Ke na le mathata ao ke sa kgoneng ho a lokisa. Na o ka kgona ho nthusa?”
Eya ngakeng. Ho tshwenyeha haholo kapa ho ba le kgatello ya maikutlo ho ka etsa hore batho ba se ke ba thabela ho phela. Ditaba tse monate ke hore dintho tsena di le pedi di kgona ho fola.
Feela jwalo ka ha ho tshwarwa ke sefuba ho ka etsa hore o se ke wa ba le takatso ya dijo, ho ba le kgatello ya maikutlo ho ka etsa hore o se ke wa batla ho phela. Le ha ho le jwalo, mafu ana a mabedi a kgona ho phekoleha.
Keletso ya Bibele: “Batho ba phetseng hantle ha ba hloke ngaka empa ba kulang ba a e hloka.”—Matheu 9:12.
Keletso: Robala ka ho lekaneng, ikwetlise o be je dijo tse nang le phepo e ntle. Ho phela hantle mmeleng ho ka etsa hore o ikutlwe hantle.
Rapela. Bibele e re Mmopi wa rona “o moholo ho dipelo tsa rona ebile o tseba dintho tsohle.” (1 Johanne 3:20) Ke hobaneng ha o sa qale ho mo rapela kajeno? Sebedisa lebitso la hae e leng Jehova mme o mo bolelle hore na o ikutlwa jwang.
Mathata a mang ho ka ba thata hore o itjarele ona. Jehova Mmopi wa hao o ikemiseditse ho o thusa.
Keletso ya Bibele: “Le mo kope ka tiyo hore a le tataise dinthong tsohle . . . Ha le etsa jwalo, Modimo o tla lebela dipelo tsa lona le menahano ya lona ka ho le fa kgotso eo batho ba ke keng ba e utlwisisa.”—Bafilipi 4:6, 7.
Keletso: Ntho e nngwe eo o ka e etsang ka ntle le ho bolella Jehova bothata ba hao, o ka leka ho nahana ka ntho e le nngwe e ntle ebe o mo leboha ka yona. (Bakolose 3:15) Ho bontsha kananelo ho ka o thusa hore o nahane haholo ka dintho tse ntle tse o etsahallang bophelong.
Haeba o nahana hore ha ho bohlokwa ho phela, batla thuso. Ke yona ntho eo Jonathan eo re buileng ka yena qalong a ileng a e etsa. O re: “Ke ne ke hloka ho bua le batswadi ba ka haholo ebile ke ne ke hloka thuso ya dingaka. Empa hona jwale ke ikutlwa ke le hantle. Le hoja ka dinako tse ding ke ikutlwa ke sa thaba, ha ke sa nahana ka ho ipolaya.”
a Dipatlisiso tsena di entswe ka 2019 ke U.S. Centers for Disease Control and Prevention.