Feta

BATJHA BA A BOTSA

Ke Hobaneng ha Eka Batswadi ba ka ha ba Batle ha ke Ithabisa?

Ke Hobaneng ha Eka Batswadi ba ka ha ba Batle ha ke Ithabisa?

 Metswalle ya hao e o memme phathing mafelobeke mme o kopa batswadi ba hao hore o ye empa karabo ya bona ke “tjhe.” Ha o makale hobane le nakong e fetileng ba arabile ka tsela e tshwanang.

Sehloohong sena

 Ke hobaneng ha batswadi ba ka ba dula ba hana?

 Haeba ho bonahala eka batswadi ba hao ba dula ba hana, o ka nna wa nahana hore ha ba batle o thabe.

 Motjha e mong ya bitswang Marie o ile a ikutlwa jwalo ha a ba le founo. O re: “Ntate wa ka o ile a beha melao e mengata, hore na ke daonlouda di app dife, ke bua le batho bafe le hore na ke bua le bona ka dinako dife. Ka nako eo, metswalle ya ka yona e ne e etsa ntho le ha e le efe eo e e batlang.”

 Nahana ka sena: Na ntate wa Marie o ne a sa batle a thabe? Keng seo a neng a kgathatsehile ka sona?

Lebelo leo o sa lokelang ho le feta ha o kganna le o thibela hore o se ke wa hlahelwa ke kotsi, ka tsela e tshwanang ho jwalo le ka melao eo batswadi ba o behelang yona.

 Leka sena: Iketse eka o motswadi wa motjha ya qetang ho ba le founo. O ne o ka kgathatseha ka eng? Ke meedi efe eo o ka e behelang ngwana wa hao? O ne o ka reng haeba ngwana wa hao a ne a ka re ha o batle hore a thabe?

 “Ntate wa ka o ne a rata hore, ‘Ikenye dieteng tsaka.’ Ho etsa jwalo ho ne ho nthusa hore ke bone melemo ya melao ya hae le mabaka ao a entseng melao eo ka ona. Haeba ke ne ke ena le bana, ke ne ke tla lebella hore ba etse dintho ka tsela eo ntate wa ka a lebellang hore ke etse dintho ka yona.”—Tanya.

 Keng seo nka se etsang hore batswadi ba ka ba dumele?

 Seo o sa lokelang ho se etsa: Ho teneha, ho tletleba le ho etsa kgang.

 “Ho omana ho ke ke ha le thusa ka letho ebile ho ka le kgathatsa. Ha o etsa kgang, batswadi ba hao ba ke ke ba o bona o hodile mme o ke ke wa kgona ho iketsetsa diqeto.”—Richard.

 Leka ho etsa sena: Nahana pele o bua. Nahana hore na batswadi ba hao ba ikutlwa jwang. Na bothata ke hore ha ba o tshepe kapa ha ba tshepe sebaka seo o tla be o le ho sona kapa batho bao o tla beng o ena le bona? Bua le batswadi ba hao o kgobile matshwafo e le hore o ka utlwisisa mabaka a bona hantle.

 “Ho dula ho ena le mabaka a utlwahalang a ho beha melao. Batswadi ba ka ha ba nthibele hore ke thabe empa ba batla ke thabe ka tsela e ke keng ya ntlisetsa mathata.”—Ivy.

 Molaomotheo wa Bibele: “Motho ya se nang kelello o ntsha kgalefo ya hae empa motho ya bohlale o a e laola.”—Diproverbia 29:11.

 Seo o sa lokelang ho se etsa: Ho etsa dintho tseo batswadi ba hao ba itseng o se ke wa di etsa o ipatile.

 “Ha ke le mong ke ne ke etsa dintho tseo ntate wa ka a itseng ke se ke ka di etsa ka founo. Ke ile ka etsetsa metswalle ya ka melaetsa bosiu haholo ka ba ka daonlouda di app tseo ntate wa ka a neng a sa ntumella ho ba le tsona. Ho eso ye kae o ne a ye a hlokomele seo ke neng ke se etsa ebe dithibelo tsa hae di ba boima le ho feta hobane o ne a se a sa ntshepe. Ha se bohlale ho etsa dintho tseo o sa dumellwang ho di etsa.”—Marie.

 Leka ho etsa sena: Bontsha batswadi ba hao hore o ka ba mamela e le hore ba ka o tshepa.

 “Mamella. Ho ka nka nako hore batswadi ba hao ba fetole dithibelo empa haeba o ba mamela ba ka o dumella ho etsa dintho tse eketsehileng.”—Melinda.

 Molaomotheo wa Bibele: “Le mamele batswadi ba lona dinthong tsohle.”—Bakolose 3:20.

 Seo o sa lokelang ho se etsa: O se ke wa qobella batswadi ba hao hore ba o dumelle ho etsa ntho e itseng, mohlomong wa ba bollela hore na dithaka tsa hao tsona di dumelletswe ho etsang.

 “Ho tsitlella seo o se batlang ho tla etsa hore dintho di be thata le ho feta.”—Natalie.

 Leka ho etsa sena: Ngola maikutlo a hao sehloohong se reng “Fana ka Mabaka Mabapi le Melao” ebe o buisana ka sona le batswadi ba hao.

 “Motswadi o batla ho kgodiseha hore o kgona ho etsa diqeto tse nepahetseng. Ka hoo, ha ke bua le batswadi ba ka ke leka ho beha mabaka a utlwahalang eseng ke kgannwe ke maikutlo. Ha ke etsa jwalo, ka dinako tse ding batswadi ba ka ba ntumella ho etsa ntho eo ke e kopang.”—Joseph.

 Molaomotheo wa Bibele: “Hlompha ntate wa hao le mme wa hao.”—Baefese 6:2.