Feta

Jerusalema e Ntjha ke Eng?

Jerusalema e Ntjha ke Eng?

Karabo ya Bibele

 “Jerusalema e Ntjha,” ke polelo e hlahang habedi ka Bibeleng, e tshwantshetsa motse o emelang balatedi ba Jesu ba tla lo busa le yena lehodimong Mmusong wa Modimo. (Tshenolo 3:​12; 21:2) Bibele e bontsha hore balatedi bana ba ka boela ba bitswa monyaduwa wa Kreste.

Keng e ka re thusang ho utlwisisa hore na Jerusalema e Ntjha ke eng?

  1.   Jerusalema e Ntjha e lehodimong. Ha Bibele e bua ka Jerusalema e Ntjha e re e theoha ho tswa lehodimong moo mangeloi a katileng dikeiti tsa motse. (Tshenolo 3:​12; 21:​2, 10, 12) Hape boholo ba motse ona bo bontsha hore ha se motse o ka bang teng mona lefatsheng. Bophara le bophahamo ba wona ke “ditediamo tse 12 000.” a (Tshenolo 21:​16) Ka hoo bophahamo ba wona bo ka etsa dikhilomithara tse ka bang 560 mme sena se etsa hore o be molele haholo.

  2.   Jerusalema e Ntjha e entswe ka sehlopha sa balatedi ba Jesu e leng monyadula wa Kreste. Jerusalema e Ntjha e bitswa “monyaduwa, mosadi wa konyana.” (Tshenolo 21:​9, 10) Mantsweng ana a tshwantshetso Konyana e emela Jesu Kreste. (Johanne 1:​29;Tshenolo 5:​12) “Mosadi wa Konyana” e leng Monyaduwa wa Kreste, o tshwantshetsa Bakreste ba tla ba le Jesu lehodimong. Bibele e tshwantsha kamano ya Jesu le Bakreste bana le eo monna a nang le yona le mosadi wa hae. (2 Bakorinthe 11:2; Baefese 5:​23-25) Ho phaella moo, majwe a motheo a Jerusalema e Ntjha a ngotswe ‘mabitso a 12 a baapostola ba Konyana.’ (Tshenolo 21:​14) Tlhaloso ena e re thusa ho utlwisisa hore na Jerusalema e Ntjha ke eng hobane Bakreste ba bitseditsweng ho ya phela lehodimong ba “hahilwe hodima motheo wa baapostola le baprofeta.”​—Baefese 2:20.

  3.   Jerusalema e Ntjha ke karolo ya mmuso. Jerusalema ya boholoholo ke motsemoholo wa Iseraele e leng sebaka seo Morena Davida, mora wa hae Solomone le ditloholo tsa bona ba neng ba busa “teroneng ya Jehova.” (1 Dikronike 29:​23) Jerusalema e ne e bitswa ‘motse o halalelang’ ka hoo, o ne o tshwantshetsa puso ya Modimo a sebedisa leloko la Davida. (Nehemia 11:1) Jerusalema e Ntjha eo le yona e bitswang “motse o halalelang,” e entswe ka batho ba tla lo busa le Jesu lehodimong ‘ba busa lefatshe e le marena.’​—Tshenolo 5:​9, 10; 21:2.

  4.   Jerusalema e Ntjha e tla tlisetsa batho ditlhohonolofatso lefatsheng. Jerusalema e Ntjha e hlaloswa e ‘theoha lehodimong e tswa ho Modimo,’ e leng se bontshang hore Modimo o tla e sebedisa ho lokisa dintho lefatsheng. (Tshenolo 21:2) Tlhaloso ena e amahanya Jerusalema e Ntjha le Mmuso wa Modimo oo Modimo a tla o sebedisa ho etsa hore thato ya hae “e etswe lefatsheng jwalo ka ha e etswa lehodimong.” (Matheu 6:​10) Morero wa Modimo ke ho tlisetsa batho ditlhohonolofatso tse latelang lefatsheng:

    •   Ho tlosa dibe. “Noka ya metsi a bophelo” e phalla e hlaha Jerusalema e Ntjha mme e nosetsa “difate tsa bophelo” tse ‘phekolang ditjhaba.’ (Tshenolo 22:​1, 2) Ha batho ba se ba phekotswe nameng le moyeng, ha ba sa tla ba le dibe mme seo se tla etsa hore batho ba phethahale jwalo ka ha Modimo a ne a rerile qalong.​—Baroma 8:21.

    •   Batho ba tla ba le setswalle se setle le Modimo. Dibe di arohantse batho le Modimo. (Esaia 59:2) Ha batho ba se ba sena sebe boprofeta bona bo tla phethahala ka ho feletseng: “Tente ya Modimo e hara batho. O tla dula le bona mme e tla ba batho ba hae. Modimo o tla ba le bona.”​—Tshenolo 21:3.

    •   Lefu le ho utlwa bohloko di tla fela. Modimo o tla sebedisa Mmuso wa hae ho “hlakola meokgo yohle ya bona. Lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng. Maswabi, ho bokolla kapa bohloko le tsona ha di sa tla hlola di e-ba teng.”​—Tshenolo 21:4.

a Setediamo ke tekanyo ya bolele e neng e sebediswa ke Baroma e lekanang le dimithara tse 185.