Ke Hobaneng ha Bajuda ba ile ba Bolawa ka Sehloho Ntweng ya II ya Lefatshe? Ke Hobaneng ha Modimo a sa ka a Thibela Seo?
Batho ba bangata ba botsa dipotso tsena hobane ba shwetswe ke baratuwa ba bona mme ba batla dikarabo le ho tshediswa. Ba bang ba nka hore ho bolawa ha Bajuda ka sehloho Ntweng ya II ya Lefatshe ebile ketso e sehloho ka ho fetisisa, ka hoo ba thatafallwa ho dumela ho Modimo.
Maikutlo a fosahetseng ka Modimo le Polao e Sehloho ya Bajuda Ntweng ya II ya Lefatshe
Kgopolo taba: Ho fosahetse ho botsa hore na ke hobaneng ha Modimo a ile a dumella hore Bajuda ba bolawe ka sehloho Ntweng ya II ya Lefatshe.
Nnete: Batho ba bang ba nang le tumelo e matla ba kile ba botsa Modimo hore na ke hobaneng ha a dumella bokgopo. Ka mohlala, moprofeta Habakuke o ile a botsa Modimo a re: “O etsetsang hore ke bone mahlomola, ke bone tshenyeho, le dikgoka ke di bone? Kahohle ke dintwa le ditsekisano feela?” (Habakuke 1:3, Bibele—Phetolelo e Ntjha) Ho e na le hore Modimo a kgalemele Habakuke, o ile a etsa hore dipotso tseo a di botsitseng di ngolwe ka Bibeleng e le hore bohle ba ka di bala.
Kgopolo taba: Modimo ha a tsotelle ha batho ba hlahelwa ke mahlomola.
Nnete: Modimo o hloile bokgopo le mahlomola ao bo a bakang. (Liproverbia 6:16-19) Mehleng ya Noe, Modimo o ile a “utlwa bohloko” ka lebaka la pefo e neng e tletse lefatsheng. (Genese 6:5, 6) Ho ho pelaelo hore Modimo o ile a utlwa bohloko haholo ha Bajuda ba ne ba bolawa ka sehloho.—Malakia 3:6.
Kgopolo taba: Ho bolawa ha Bajuda ka Sehloho Ntweng ya II ya Lefatshe e ne e le kotlo ya Modimo.
Nnete: Modimo o ile a dumela ha Jerusalema e timetswa ke Baroma lekgolong la pele la dilemo. (Matheu 23:37–24:2) Ka mora moo, Modimo ha a ka a nka batho ba morabe o itseng e le ba kgethehileng kapa hona ho ba otla. Mahlong a Modimo, “ha ho na phapang pakeng tsa Bajuda le Baditjhaba.”—Baroma 10:12, Good News Translation.
Kgopolo taba: Haeba Modimo ya matla ohle o teng, a ka be a ile a thibela hore Bajuda ba se ke ba bolawa ka sehloho.
Nnete: Le hoja Modimo a sa bake mahlomola, ka dinako tse ding o a dumella ka nakwana.—Jakobo 1:13; 5:11.
Ke hobaneng ha Modimo a ile a dumella polao e sehloho ya Bajuda?
Modimo o dumeletse hore Bajuda ba bolawe ka sehloho ka lebaka le tshwanang le leo a dumeletseng hore batho bohle ba be mahlomoleng: ho rarolla tseko e ileng ya hlahiswa kgale. Bibele e bolela ka ho hlaka hore hona jwale ke Diabolose ya laolang lefatshe, eseng Modimo. (Luka 4:1, 2, 6; Johanne 12:31) Le hoja sehlooho se amanang le taba ena se hlalosa ka ho felletseng hore na ke hobaneng ha Modimo a dumeletse mahlomola, ho na le dintlha tse pedi tsa motheo ka Bibeleng tse re thusang ho utlwisisa hore na ke hobaneng ha Modimo a dumeletse polao e sehloho ya Bajuda.
Keng se entseng hore Bajuda ba bolawe ka sehloho? Modimo o ile a bolella batho ba pele, e leng Adama le Eva hore na o lebelletseng ho bona, empa ha aa ka a ba qobella hore ba mo mamele. Ba ile ba kgetha ho iketsetsa qeto ya hore na se setle le se sebe ke sefe mme eo e ne e le qeto e fosahetseng e tshwanang le eo batho ho theosa le histori ba nnileng ba e etsa, e leng se tliseditseng batho masisa pelo. (Genese 2:17; 3:6; Baroma 5:12) Buka ya Statement of Principles of Conservative Judaism e re: “Mahlomola a mangata lefatsheng a bakwa ke hore re sebedisa hampe bolokolohi ba rona ba ho ikgethela.” Ho e na le hore Modimo a re amohe bolokolohi ba ho ikgethela, o file batho nako ya hore ba ipuse.
Modimo o tla etsolla tshenyo yohle e bakilweng ke ho bolawa ha Bajuda ka sehloho. Modimo o tshepisa ho tsosa batho ba dimilione ba shweleng, ho akarelletsa le Bajuda ba ileng ba bolawa ka sehloho. Hape o tla fedisa bohloko boo batho ba phonyohileng polao e sehloho ya Bajuda ba bo utlwang ha ba hopola ketsahalo eo e sehloho. (Esaia 65:17; Liketso 24:15) Lerato leo Modimo a ratang batho ka lona le re tiisetsa hore o tla phethahatsa ditshepiso tsena.—Johanne 3:16.
Batho ba bangata ba phonyohileng polao e sehloho ya Bajuda ba ile ba kgona ho dula ba e na le tumelo mme ba fumana morero bophelong ka ho utlwisisa lebaka leo Modimo a dumeletseng bokgopo le ka moo a rerang ho etsolla bohloko boo bo bo bakileng.