Feta

Mahlomola a Maholo ke Eng?

Mahlomola a Maholo ke Eng?

Karabo ya Bibele

 Mahlomola a maholo e tla ba nako e boima ka ho fetisisa bakeng sa moloko wa batho. Ho latela boprofeta ba Bibele a tla ba teng “mehleng ya bofelo,” kapa “nakong ya bofelo.” (2 Timothea 3:1; Daniele 12:4) ‘Mahlomola a kang ao ha a eso be teng ho tloha ha Modimo a theha lefatshe ho fihlela jwale ebile ha a sa tla ba teng.’​—Mareka 13:​19; Daniele 12:1; Matheu 24:​21, 22.

Diketsahalo tse tlo ba ka mahlomola a maholo

  •   Bodumedi ba bohata bo a fediswa. Bodumedi ba bohata bo tla fediswa ka tshohanyetso. (Tshenolo 17:​1, 5; 18:​9, 10, 21) Mebuso ya dipolotiki e emelwang ke Matjhaba a Kopaneng e tla phethahatsa thato ya Modimo ka ho fedisa bodumedi ba bohata.​—Tshenolo 17:​3, 15-18. a

  •   Ho hlaselwa ha bodumedi ba nnete. Ditjhaba tse ikopantseng, tseo Ezekiele ponong ya hae a reng ke “Gogo wa naha ya Magogo,” di tla leka ho fedisa batho ba bodumeding ba nnete. Le ha ho le jwalo, Modimo o tla sireletsa barapedi ba hae hore ba se ke ba fediswa.​—Ezekiele 38:​1, 2, 9-12, 18-23.

  •   Ho ahlolwa ha baahi ba lefatshe. Jesu o tla ahlola batho bohle “mme o tla arola batho dihlopha tse pedi, feela jwalo ka ha modisa a arola dinku ho dipodi.” (Matheu 25:​31-33) O tla ahlola batho a ipapisitse le hore na ba ne ba tshehetsa barababo Jesu, e leng ba tla busa le yena lehodimong.​—Matheu 25:​34-46.

  •   Ho bokellwa ha babusi ba Mmuso. Batho ba tshepahalang ba kgethetsweng ho ya busa le Kreste lehodimong ba tla qeta tshebeletso ya bona ya lefatsheng ebe ba tsosetswa ho ya phela lehodimong.​—Matheu 24:​31; 1 Bakorinthe15:​50-53; 1 Bathesalonika 4:​15-17.

  •   Armagedone. “Ntwa [ena] ya letsatsi le leholo la Modimo ya Matla Ohle” e boetse e bitswa “letsatsi la Jehova.” (Tshenolo 16:​14, 16; Esaia 13:9; 2 Petrose 3:​12) Batho bao Kreste a tla ba ahlola ka hore ba kgopo ba tla fediswa. (Sofonia 1:​18; 2 Bathesalonika 1:​6-10) Ho tla boela ho fediswe mebuso yohle ya dipolotiki e emelwang ke sebata se dihlooho di supuileng ka Bibeleng.​—Tshenolo 19:​19-​21.

Diketsahalo tsa ka mora mahlomola a maholo

  •   Ho kwallwa ha Satane le bademona. Lengeloi le leholo le tla tshwara Satane le bademona ebe le ba lahlela ka “sekoting se tebileng,” ho tla be ho tshwana le ha eka ba shwele hobane ba tla be ba sa kgone ho etsa letho. (Tshenolo 20:​1-3) Boemo ba Satane ha a le ka sekoting bo tla be bo tshwana le ha eka o teronkong, hobane o tla be a sa kgone ho ba le tshusumetso kae kapa kae.​—Tshenolo 20:7.

  •   Puso ya Dilemo Tse Sekete e a qala. Mmuso wa Modimo o tla qala ho busa ka dilemo tse 1 000 mme o tlisetse batho ditlhohonolofatso tse ngata. (Tshenolo 5:​9, 10; 20:​4, 6) “Bongata bo boholo ba batho boo ho neng ho se motho ya ka bo balang” bo “pholohileng mahlomola a maholo,” bo tla bona ha Puso ya Dilemo Tse Sekete e qala lefatsheng.​—Tshenolo 7:​9, 14; Pesaleme ya 37:​9-11.

a Ka bukeng ya Tshenolo, Babilona e Moholo e tshwantsetsa bodumedi ba bohata e leng “letekatse le leholo”. (Tshenolo 17:​1, 5) Sebata se mmala o sekareleta se tla fedisa Babilona e Moholo, se tshwantshetsa mokgatlo oo morero wa wona e leng ho momahanya le ho emela ditjhaba tsa lefatshe. O qadile e le Selekane sa Ditjhaba, hona jwale e se e le Matjhaba a Kopaneng.