Feta

Na Modimo ke Matla a sa Tsotelleng Batho?

Na Modimo ke Matla a sa Tsotelleng Batho?

Karabo ya Bibele

 Modimo o na le matla a maholo ka ho fetisisa bokahohleng bohle. Ha Bibele e bua ka tsela eo ka yona a bopileng dinaledi tse dibilione e re: “Phahamisetsang mahlo hodimo mme le bone. Ke mang ya bopileng dintho tsee? Ke Ya hlahisang lekgotla la tsona ka palo, e nngwe le e nngwe o [Modimo] e bitsa le ka lebitso. Ka lebaka la bonatla ba hae bo boholo, kaha o boetse o na le matla a maholo, ha ho le e nngwe ya tsona e haellang.”​—Esaia 40:​25, 26.

 Empa ha se hore Modimo o na le matla a maholo feela. Bibele e bolela hore o na le maikutlo, jwaloka lerato le lehloyo. (Pesaleme ya 11:5; Johanne 3:​16) E boetse e senola hore tsela eo batho ba itshwarang ka yona e ka ama maikutlo a Modimo.​—Pesaleme ya 78:​40, 41.