Feta

SE KA THUSANG LELAPA | HO HODISA BANA

Ruta Ngwana wa Hao Hore a se ke a Tela

Ruta Ngwana wa Hao Hore a se ke a Tela

 Mora wa hao o re: “Ntho ena ya nthatafalla, nke ke ka kgona ho e etsa. Ebile ha ke utlwe eka ho na le mohla ke tla ithuta ho e etsa.” O mothating wa ho tela ho etsa ntho eo ho bonahalang e le boima. Ha o batle ho bona ngwana wa hao a sokola empa o batla hore a sebetsana le dintho tse bonahalang di mo imela. Na o lokela ho potlakela ho mo thusa? Na o lokela ho mo tlohela hore a tele kapa na o ka ruta ngwana wa hao hore a se ke a tela?

Seo o lokelang ho se tseba

 Ho se tele ho molemo. Ha batswadi ba ruta ngwana wa bona hore a be le bokgoni ka lebaka la ho sebetsa ka thata, ba mo thusa hore a sebetse hantle sekolong, a thabe a be a be le bophelo bo botle. Hape a ka ba le metswalle e haufi. Ka lehlakoreng le leng, haeba batswadi ba sireletsa bana ba bona dinthong tse ba thatafallang le tseo ba hlolehang ho tsona, ho ka ba bonolo hore ba le kgatello ya kelello, ba ikutlwe ba sa tshwanelehe ho etsa dintho tse itseng ba be ba phele bophelo boo ba sa bo kgotsofalleng ha ba se ba le baholo.

 Sebetsa ka thata hore o se ke wa ba motho ya telang. Le bana ba banyenyane ba ka matlafatsa boikemisetso ba bona ba ho sebetsana le mathata a teng le ho batla tsela ya ho a rarolla. Bafuputsi ba bang ba fumane hore bana ba selemo le dikgwedi tse tharo ba ka kgona ho etsa dintho tse thata haeba ba ile ba bona motho ya moholo a sokola ho etsa ntho e itseng empa a sa tele.

 “Ke hopola ke ruta banana ba ka ho fasa dieta. Ho fasa dieta ha se ntho eo o ka ithutang yona ka letsatsi le le leng. Nako le nako ha ba fasa dieta tsa bona, ba nka metsotso e 10 ho ya ho e 15 ba ntse ba leka ho bona hore na ba ka di fasa jwang. Ebe ke a ba thusa. Ho ba nkile dikgwedi tse mmalwa mme ka dinako tse ding ba ne ba lla empa ba qeteletse ba se ba tseba ho fasa dieta. Nka be ke ile ka etsa hore bophelo ba ka bo be bonolo ka hore ke ba rekele dieta tse se nang marapo. Ka dinako tse ding, jwalo ka batswadi re lokela hore re se ke ra tela e le hore re rute bana ba rona hore le bona ba se ke ba tela.”​—⁠Colleen.

 Ho ka ba bonolo hore re be batho ba telang. Ka dinako tse ding, batswadi ba bang ba ka tshwara bana ba bona ka tsela e etsang hore ho be bonolo hore ebe batho ba telang ba sa hlokomele. Ba ka etsa seo jwang? Batswadi ba bang ha ba batle ha bana ba bona ba swetseha. Ke kahoo ha bana ba bona ba le boemong boo ba ka nnang ba swetseha ba ba thusang. Seo se ka ba le ditlamorao tse bohloko. Mongodi e mong ya bitswang Jessica Lahey, o ile a re: “Lekgetlo le leng le leng haeba re kenella . . . ho thusa bana ba rona moo re bonang eka ba ka nna ba swetseha, ha e le hantle ho tshwana le ha eka re re ho bona: ha re o tshepe ebile ha re nahane hore o na le bokgoni ba ho etsa ntho ena.” a Taba ee e etsa hore bana ba ikutlwe jwang? E etsa hore ba ikgalale le hore le ka moso ba nahane hore ba hloka motho ya moholo hore a ba thuse.

Ho ena le hore o thuse ngwana wa hao ho etsa mesebetsi e thata mo rute hore a se a tela

Seo o ka se etsang

 Ba kgothaletse ho sebetsa ka thata. Batswadi ba ka etsa hore bana ba bona ba se ke ba tela habonolo ka hore ba be fe mesebetsi e tshwanelang dilemo tsa bona. Ka mohlala, bana ba pakeng tsa dilemo tse tharo ho ya ho tse hlano ba ka thusa ha ho hlatsuwa diaparo hape ba ka phutha dintho tseo ba bapalang ka tsona. Bana ba banyenyane ba ka thusa ho beha dintho moo di dulang ha ho tsuwa dishopong. Ba ka thusa ho hleka tafole pele ho jewa le ha ho qeta ho jewa ba be ba hlatswe dijana. Ba ka boela ba thusa ho ntsha toti le ho phumula fatshe ha ho ena le dintho tse qhalaneng. Ha e se e le batjha ba ka etsa mesebetsi e eketsehileng, e kang ho hlwekisa le ho lokisa dintho tse senyehileng. Ha se kamehla bana ba ka ratang ho etsa mesebetsi eo ba e fuwang empa ba rua molemo haeba batswadi ba ba fa mesebetsi eo ba ikarabellang ho yona ho tloha ba sa le banyenyane ka lapeng. Bana ba ka rua molemo jwang? Sena se etsa hore ba se ke ba tela. Ha ba se ba hodile ba ka nna ba fumana mosebetsi wa boiphediso o hlokang hore ba sebetse ka thata.

 Molaomotheo: “Motho o rua molemo ha a sebetsa ka thata.”​—⁠Diproverbia 14:⁠23.

 “U se ke wa fa bana mesebetsi e sa reng letho feela hore u ba phathahanye. Bana ha ba e rate ntho eo. Ba fe mesebetsi ya bohlokwa eo ba ka thusang ka yona. Haeba ngwana wa hao o monyenyane, mo fe mosebetsi o kang wa ho phumla lerole dinthong tseo a ka di fihlelang. Haeba o hlatswa koloi o ka re a o thuse ka ho hlatswa dibaka tse tlase tseo o thatafallwang ho fihla ho tsona. Babatsa ngwana wa hao ka mosebetsi o boima oo a o entseng.”​—⁠Chris.

 Thusa ngwana wa hao ho etsa mesebetsi e thata. Ka dinako tse ding, bana ba ka tela ho etsa mesebetsi e itseng hobane ba sa tsebe ho e etsa. Ka hoo, haeba o ruta ngwana wa hao ho etsa ntho e ntjha a ko qale pele ka ho etsa ntho eo a o shebeletse. Ebe o e etsa le yena ka lekgetlo la bobedi. Ha o qeta, o mo tlohele a e etse o ntse o mo shebile, ebe o mo fa keletso hore na a ka ntlafatsa hokae. Jwale, o se o ka mo tlohela hore a e etse a le mong.

 Molaomotheo:“Ke le behetse mohlala e le hore le nketsise.”​—⁠Johanne 13:⁠15.

 “Ke bone hore haeba re batla hore bana ba rona ba se ke ba tela, re lokela ho ba behela mohlala. Re lokela ho ba le makgabane ao re batlang hore ba be le ona.”​—⁠Doug.

 Thusa ngwana wa hao ho utlwisisa hore kaofela ha rona ho na le nako eo re tla sokola kapa re swetsehe. Mo phetele kamoo o ileng wa sokola ho etsa ntho e itseng empa wa atleha hobane o sa ka wa tela. Mo hlalosetse hore ke ho tlwaelehileng hore ha o qala ho ithuta ntho e o thatafalle. Mo kgodise hore o tla dula o mo rata le ha a ka hloleha ho etsa ntho e itseng. Mesifa e ba matla ha motho a dula a ikwetlisa, ka ho tshwanang, ngwana wa hao a ke ke a tela haeba o mo dumella hore a etse dintho tseo a hlolehang ho di etsa mme qetellong o tla atleha. Ha ngwana wa hao a hloleha ho etsa ntho e itseng, o se ke wa mo thusa hanghang, mo tlohele hore a leke. Buka e bitswang How Children Succeed, e re: “E le hore ngwana wa hao a be le boikarabelo, o lokela hore a etse ntho eo mohlomong a ke keng a atleha ho yona.”

 Molaomotheo: “Re lokela ho sebetsa ka thata re sa le batjha.”​—⁠Dillo Tsa Jeremia 3:​27, Contemporary English Version.

 “Bana ba rua molemo ha batswadi ba ba fa monyetla wa hore ba itshokolele ka nakwana le hoja ba tseba hore batswadi ba ntse ba le teng ho ba thusa. Ka mora nako ba tla be ba se ba sa sokole mme ba tla be ba ena le bokgoni ebile ba se ba ithutile hore ho molemo ho se tele.”​—⁠Jordan.

 Babatsa bana ba hao ka boiteko boo ba bo etsang eseng bohlale ba bona. Ka mohlala, ho ena le ho re, “O pasitse hantle ngwanaka,o bohlale,” o ka re, “O pasitse hantle ngwanaka. Ke a bona hore o sebeditse ka thata kannete.” Ke hobaneng ha ho le bohlokwa hore o babatse ngwana ka boiteko boo a bo entseng, eseng bohlale ba hae? Dr. Carol Dweck o re ho babatsa ngwana ka bohlale ba hae “ho etsa hore ngwana a ikgalale haeba a hloleha ho etsa ntho eo ho bonahalang e le thata. Haeba batswadi ba batla hore bana ba bona ba atlehe, ntho e molemo eo ba ka e etsang ke hore ba ba rute hore ba rate ho ithuta dintho tse ntjha, ba ithute diphosong tsa bona, ba thabele ho sebetsa ka thata, ba ithute le ditsela tse ntjha tsa ho etsa dintho hape ba ithute ho etsa dintho ka ditsela tse fapaneng. Ha ba etsa jwalo, bana ba bona ba tla etsa dintho eseng feela hobane ba batla ho roriswa.” b

 Molaomotheo: “Thoriso eo motho a e fuwang ya mo senola.”​—⁠Diproverbia 27:⁠21.

a Bukeng ya The Gift of Failure.

b Bukeng ya Mindset.