Feta

SE KA THUSANG LELAPA | LENYALO

Ho Sebedisa Jwala Hampe Lenyalong

Ho Sebedisa Jwala Hampe Lenyalong

 Na molekane wa hao o kile a o bolella hore o tshwenngwa ke tsela eo o nwang ka yona? Haeba ho jwalo, ho na le dintho tseo o lokelang ho nahana ka tsona.

Sehloohong sena

 Ho sebedisa jwala hampe ho baka mathata lenyalong

 Ho sebedisa jwala hampe ho ka baka malwetse a mangata, a akarelletsang lefu la pelo, ho thatafala ha sebete le kankere. Ho sebedisa jwala hampe ha ho bake malwetse feela, empa hape ho ka baka mathata lenyalong a kang, tlhekefetso ya ka malapeng, mathata a ditjhelete, ho se tshepahalle molekane e mong le tlhalo.

 Bibele e re ha jwala bo sebediswa hampe, bo ka “loma jwalo ka noha, [ba] ntsha tjhefo jwalo ka marabe.” (Diproverbia 23:32) O ka tseba jwang haeba o le lekgoba la jwala?

 Na o lekgoba la jwala?

 Dipotso tse latelang di ka o thusa ho bona hore na o lekgoba:

  •   Na o thatafallwa ho laola tsela eo o nwang ka yona?

  •   Na o dula o nahana hore na o tla nwa neng hape?

  •   Na o tswela pele ho nwa le hoja ho o bakela mathata bophelong le lenyalong la hao?

  •   Na ha o ikutlwe hantle ha o leka ho kgaotsa?

  •   Na ho nwa ho etsa hore le ngangisane le molekane wa hao?

  •   Na o se o nwa jwala bo bongata ho feta boo o neng o bo nwa qalong?

  •   Na o a ikutswa ha o nwa jwala kapa wa bo pata ha o le mosebetsing kapa hae?

 Haeba o arabile tse ding tsa dipotso tsena ka e, e ka nna yaba o se o le lekgoba la jwala. E ka nna yaba o na le bothata ba ho sebedisa jwala hampe.

 O se ke wa hana hore o na le bothata ba ho nwa

 Na molekane wa hao o kile a o bolella hore o tshwenngwa ke tsela eo o nwang ka yona? Haeba ho jwalo, mohlomong o kile wa leka ho ikemela kapa wa nyenyefatsa boitshwaro ba hao. Mohlomong o ile wa beha ba bang molato, ho akarelletsa le molekane wa hao ka ho bua mantswe a kang:

  •   “Haeba o ne o ntshwara hantle, ke ne ke sa tlo nwa.”

  •   “Haeba mosebetsi wa hao o ne o o tshwenya jwalo ka wa ka, o ne o tla nwa le wena.”

  •   “Ke tseba batho ba bangata ba nwang ho mpheta.”

 Haeba o bua mantswe a kang ao, o tla be o nka takatso ya hao ya ho nwa e le ya bohlokwa ho feta hore o thabe lenyalong. Ke eng eo e leng ya bohlokwa haholo?

 Molaomotheo wa Bibele: “Monna ya nyetseng o amehile . . . ka [ho] batla ho thabisa mosadi wa hae.”—1 Bakorinthe 7:33.

Ho hana hore o na le bothata ba ho nwa, ho ka tshwana le lebota le o sitisang. Ka hoo, le nkele sebaka ka fensetere e o thusang ho bona hantle dintho tse tshwenyang molekane wa hao

 Seo o ka se etsang

  •   Nka maikutlo a molekane wa hao e le a bohlokwa. Le haeba molekane wa hao a tshwenyeha ho tlola ka taba ena, mohlomong o ka nna wa etsa diphetoho tse itseng. Haeba o sa kgone ho etsa diphetoho ka ho nwa le hoja seo se tshwenya molekane wa hao, sena se ka bontsha hore o na le bothata ba ho nwa.

     Molaomotheo wa Bibele: “Dulang le etsa dintho tse tla tswela ba bang molemo eseng tse tla tswela lona feela molemo.”—1 Bakorinthe 10:24.

  •   Ithute haholwanyane ka jwala. E le hore lesole le hlole ntwa, le tlameha ho ithuta maqiti a ba direng. Ka ho tshwanang, e le hore o hlole bothata ba hao, o lokela ho ithuta haholwanyane ka jwala le hore na bo tjhehela batho leraba jwang. O lokela ho ithuta le ditsela tse ding tse ka o thusang hore o qobe ho ba lekgoba la jwala le hore o se ke wa boela wa nwa hape le nakong e tlang.

     Molaomotheo wa Bibele: “Ke kopa hore le qobe ho kgotsofatsa ditakatso tsa lona tse fosahetseng tse le lwantshang.”—1 Petrose 2:11.

  •   Fumana thuso. Ho na le ditsi tse ngata tsa phekolo le dipetlele tse ka fanang ka thuso, hammoho le mananeo a thusang batho hore ba tlohele jwala. O ka boela wa kopa motswalle ya behang mohlala o motle ho o thusa hore na ke hobaneng ha o le lekgoba la jwala. Mo kope thuso ha o utlwa hore o lekeha hore o qalelle ho nwa hape.

    Nahana ka ho batla thuso ya ditsebi tsa bophelo bo botle

     Molaomotheo wa Bibele: “Motswalle wa nnete o lerato ka dinako tsohle mme ke ngwaneno eo o ka mo tshepang dinakong tsa mahlomola.”—Diproverbia 17:17.

 Ho sebedisa jwala hampe ha se bothata bo ka lokiswang habonolo feela ka hore o bale sehlooho se sekgutshwanyane kapa o re feela, “ke tla leka ho nwa hanyane.” O lokela ho hlokomela hore seo o se etsang ha se ame bophelo ba hao feela, se ama le lenyalo la hao.

 Ho fumana dintlha tse eketsehileng: Bala dihlooho tse latelang, ho utlwa hore na ba bang ba kgonne jwang ho hlola bothata ba ho sebedisa jwala hampe.

 “Ha ke sa le Motho ya Kgopo”

 “Ke se ke Itshepa”

 “Ke ne ke Dula Seterateng”

 O ka boela wa shebella le video e reng: ‘Ke Ile ka Tenwa ke Tsela eo ke Neng ke Phela ka Yona’