Feta

NA E ENTSWE?

Bokgoni ba Sele ba ho Etsa Mesebetsi e sa Tshwaneng

Bokgoni ba Sele ba ho Etsa Mesebetsi e sa Tshwaneng

 Ha o ne o emolwa, o qadile o le sele e nyenyane haholo e bitswang zygote, sele eo e nyenyane haholo hoo o ka e bonang feela ha o sebedisa microscope. Dikgwedi tse mmalwa ka mora moo, o ile wa hlaha o se o le lesea. Sele eo e le nngwe e ile ya ikatisa mme ya eba disele tse ka hodimo ho 200 tse sa tshwaneng ka sebopeho le boholo mme di etsa mesebetsi e sa tshwaneng.

 Nahana ka sena: Zygote e etsa DNA e tshwanang le yona ebe e ikarola habedi. Disele tseo le tsona di ikatisa ka tsela e tshwanang ka makgetlo a mangata. Qalong, disele tseo tse ntjha kaofela ha tsona di a tshwana. Ka hara DNA ya tsona, ho na le ditaelo tsa hore na di ka etsa disele tsa mofuta ofe.

 Beke ka mora kemolo, disele di qala ho ikarola ka mefuta e mmedi e ikgethang. Disele tse ding di a ikopanya hore e be lesea le eso hlahe, ha tse ding di ikopanya hore di etse thari e kwahelang ngwana ha a le ka popelong. Ho boetse ho na le disele tse mo thusang hore a nne a hole ha a ntse a le kamoo.

 Bekeng ya boraro, disele tsa lesea le eso hlahe di ikarola ka mekgahlelo e meraro e latellanang. Disele tsa mokgahlelo o ka ntle di etsa methapo, boko, molomo, letlalo le ka ntle le disele tse ding. Disele tsa mokgahlelo o bohareng di etsa madi, masapo, diphio, mesifa le dikarolwana tse ding tsa mmele. Mokgahlelo o ka hare wa disele, o etsa ditho tse ka hare tse kang matshwafo, senya le boholo ba dintho tse thusang hore dijo di silehe.

Ha lesea le eso hlahe le ntse le hola, disele tsa lona di ikatisa ho fihlela eba disele tse ka hodimo ho 200 tse sa tshwaneng tse bileng di etsang mesebetsi e ikgethang

 Ha motho e ntse e le moimana, disele tse ding tsa lesea le eso tswalwe di ka tsamaya e le sele ka nngwe kapa e le sehlopha ho tloha karolong e nngwe e itseng ya lesea ho ya ho e nngwe. Disele tse ding di a ikopanya mme di etsa sebopeho se kang maqephe, dithapo kapa masoba. Disele tsena di lokela ho sebedisana hammoho e le hore di etse dibopeho tsena. Mohlala, ha di fihla boemong bo itseng, disele tse kang maqephe di ka ikgarela mme tsa iketsa mathopo a manyane. Disele tsena di ipopa ka nako e le nngwe dikarolong tse sa tshwaneng tsa lesea le eso hlahe. Mathopo ana a a hola, a hlahisa a mang ebe hamorao a a kopana mme eba karolo ya mathopo a thusang lesea hore le kgone ho hema.

 Nakong eo ngwana a hlahang a phetse hantle ke hobane disele tse makgolo a dibilione di entse mosebetsi oo di neng di lokela ho o etsa mme e nngwe le e nngwe e ne e le sebakeng se nepahetseng ka nako e nepahetseng.

 O nahana jwang? Na sele e ikentse hore e kgone ho etsa mesebetsi ee kapa e bopilwe jwalo?